Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 32:32 - BIBELE

32 Re tla tshela re hlometse, moo Morena a ntseng a bona, re ye naheng ya Kanana, mme lefa la rona le tla ba ka kwano ho Jorodane.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Re tla feta re hlometse pela Jehova naheng ya Kanana; re mpe re rue lefa la rona ka mose o kwano wa Jordane.

Ver Capítulo Copiar




Numere 32:32
10 Referencias Cruzadas  

“Ha le fihla naheng ya Kanana, eo ke le neang yona hore e be ya lona, haeba nka otla ntlo, eo le tla aha ho yona, ka lepera,


Rona re ke ke ra arolelana lefa le bona mose ho Jorodane, le ho ya pele, hobane lefa la rona re le fumane ka kwano, ka botjhabelo ho Jorodane.”


Yaba bara ba Gade le bara ba Rubene ba a araba, ba re: “Re tla etsa jwalokaha Morena a laetse bahlanka ba hae.


Jwale Moshe a nea bara ba Gade le bara ba Rubene, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, mora wa Josefa, naha ya Sihone, kgosi ya Baamore; le naha ya Oge, kgosi ya Bashane; a ba nea naha le metse e potapotileng naha eo.


Merabe ena e mmedi, le karolo ya morabe wa Manase, yona e se e neilwe lefa la yona ka kwano ho Jorodane, malebana le Jeriko, ka botjhabela.”


Ana ke mantswe ao Moshe a ileng a a bua ho Baiseraele bohle, a le ka kwano ho Jorodane, lehwatateng, phuleng e mabapa le Sufe, pakeng tsa Parane, le Tofele, le Labane, le Haserote, le Disahaba.


Ra hapa naha ya bona, mme ra e nea ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, e le lefa.


“Ka nako eo re neng re hapa naha eo ka yona, ke ile ka abela ba morabe wa Rubene le wa Gade naha, ho tloha Arowere e pela kgohlo ya Arenone, le karolo ya thaba ya Gileade, le metse ya yona.


Tsena ke dikgosi tsa dinaha tseo bana ba Iseraele ba ileng ba di hlola. Ba hapa naha ya tsona e kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela, ho tloha Kgohlong ya Arenone, ho ya fihla thabeng ya Heremone, le Araba yohle ka botjhabela.


Moshe, mohlanka wa Morena, a ena le bana ba Iseraele, ba bolaya dikgosi tseo, mme Moshe, mohlanka wa Morena, a nea ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, naha eo, hore e be lefa la bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos