Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 48:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Josefa a re ho ntatae: E seng jwalo, ntate, hobane enwa ke e moholo; bea letsoho la hao le letona hloohong ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 mme Josefa a re ho ntatae: “E seng jwalo, ntate, hobane eo e leng letsibolo ke enwa! Bea letsoho la hao le letona hodima hlooho ya hae.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 48:18
11 Referencias Cruzadas  

Lota a re ho bona: O tjhe, monghadi! Ke o a rapela;


Rebeka a ba a nka diaparo tse ntle tsa Esau, mora wa hae wa letsibolo, tse leng ho yena ka tlung, a apesa Jakobo mora wa hae e monyenyane, ka tsona.


Labane a re: Ha ho ke ho etswa jwalo mona haeso, hore e monyenyane a ntshwe pele ho e moholo.


Ba dudiswa pela hae, e moholo ka boholo ba hae, le e monyenyane ka bonyenyane ba hae, mme banna bao ba tadimana ka ho tsota.


Empa, eitse ha Josefa a bona hoba ntatae o beile letsoho la hae le letona hloohong ya Efraime, ya eba taba e mo hlokofatsang, mme a emisa letsoho la ntatae ho le tlosa hloohong ya Efraime, a tle a le bee hloohong ya Manasse.


Empa ntatae a hana, a re: Ke a tseba, mora ka, ke a tseba! le yena e tla ba setjhaba, le yena o tla ba moholo; leha ho le jwalo, moenae o tla ba moholo ho yena, mme ditloholo tsa hae e tla ba letshwele la ditjhaba.


Rubene, ke wena letsibolo la ka, matla a ka, sehlooho sa bonna ba ka; o tshwere sehlooho sa boholo, le sehlooho sa bonatla.


Le ho leka! Tsamayang, lona le leng banna, le ye ho sebeletsa Jehova, hobane ke yona taba eo le e qetseng. Yaba ba tebelwa pontsheng ya Faro.


Empa ba bohlale ba araba, ba re: Tjhe; e ke ke ya lekana rona le lona; eyang ho bao e rekwang ho bona, le ithekele.


Empa Petrose a re: Ho se be jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.


Ka re: Ho se be jwalo Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos