Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 48:18 - BIBELE

18 mme Josefa a re ho ntatae: “E seng jwalo, ntate, hobane eo e leng letsibolo ke enwa! Bea letsoho la hao le letona hodima hlooho ya hae.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Josefa a re ho ntatae: E seng jwalo, ntate, hobane enwa ke e moholo; bea letsoho la hao le letona hloohong ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Genese 48:18
11 Referencias Cruzadas  

Lota a re: “Ho se be jwalo, hle, Morena wa ka.


Jwale Rebeka a nka diaparo tse ntle tsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, tse neng di le ho yena ka tlung, a di apesa Jakobo mora wa hae e monyenyane.


Labane a re: “Mona haeso hase moetlo hore e monyenyane a nyalwe pele ho e moholo.


Kahoo Baheberu ba dudiswa ba shebane le yena, e moholo ho ya ka tokelo ya hae ya boholo ba hae, le e monyenyane ho ya ka bonyenyane ba hae. Banna bao ba shebana ba maketse.


Ha Josefa a bona hore ntatae o beile letsoho la hae le letona hodima hlooho ya Efraime, a se ke a thaba. Yaba o tshwara letsoho la ntatae, o le tlosa hloohong ya Efraime, o le bea hodimo hlooho ya Manase,


Empa ntatae a hana, a re: “Ke a tseba, ngwana ka, ke a tseba; le yena e tla ba setjhaba, mme le yena o tla ba moholo. Leha ho le jwalo, moena hae o tla ba moholo ho mo feta, mme bana ba hae e tla ba ditjhabatjhaba.”


“Rubene, ke wena letsibolo la ka; ke wena matla a ka, le tholwana ya pele ya bonna ba ka; o feta ba bang ka seriti le ka bonatla.


Le ho ka! A ho tsamaye lona banna, hona jwale, le yo sebeletsa Morena, hobane ke sona seo le neng le se batla.” Yaba ba lelekwa kapele ho Faro.


“Ba bohlale ba araba, ba re: ‘Tjhe, e ke ke ya lekana rona le lona; le ka mpa la ya ho barekisi, la ithekela.’


Empa Petrose a re: “Tjhe, le kgale, Morena! Ha ke eso ka ke eja letho le ilehang, le sa hlwekang.”


“Yaba ke re: ‘Tjhe, le kgale, Morena! Hobane ka hanong la ka ha ho eso ka ho kena letho le ilehang, kapa le sa hlwekang.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos