Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 16:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Empa ha ba ka ba leleka Bakanana ba ahileng Gesere; Bakanana ba ahile le Baefraime, ba ba sebeletsa ba ntse ba ntsha lekgetho ho fihlela kajeno.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Leha ha le jwalo ha ba a ka ba ba ba leleka Bakanana ba neng ba ahile Gesere. Bakanana ba nnile ba aha hara bana ba Efraime ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, mme ba fetoha makgoba a sebetsang ka thata.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 16:10
12 Referencias Cruzadas  

Ke tsena taba tsa ba hlwailweng, ba kileng ba memuwa ke morena Salomone ho haha ntlo ya Jehova, le ntlo ya hae, le Millo, le lerako la Jerusalema, le Hatsore, le Meggido, le Gesere.


Faro, morena wa Egepeta, o ne a futuhile; a nka Gesere, a o tjhesa, a bolaya Bakanana ba ahileng motseng a o nea moradi wa hae, mosadi wa Salomone, e be serwala sa hae.


e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha makgoba hara bona, le kajeno ke wona.


e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha hara bona ba sebetsang ka mokgwa wa bahlanka; le kajeno ke bona.


Yaba Horame, morena wa Gesere, o tla ho tlatsa Lakishe; empa Joshua a mmolaya le batho ba hae, a se ke a mo siela motho le a mong.


Haele Bajebuse ba neng ba ahile Jerusalema, bana ba Juda ba sitwa ho ba leleka; Bajebuse ba ahile ke hona le bana ba Juda, Jerusalema, ho fihlela kajeno.


Metse e meng ya arolelwa bana ba Efraime lefeng la bana ba Manasse, metse eo yohle e na le metsana ya yona.


Empa bana ba Manasse ba sitwa ho rua metse eo; Bakanana ba pheella ho dula lefatsheng leo.


Eitse mohla bana ba Iseraele ba leng matla, ba ntshisa Bakanana lekgetho, ba mpa ba se ke ba ba leleka ruri.


Haele Efraime, ha a ka a leleka Bakanana ba ahileng Gesere; Bakanana ba nna ba aha le bona Gesere.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos