Joshua 16 - BIBELENaha e ileng ya abelwa morabe wa Efraime 1 Lotho la abela bana ba Josefa naha e tlohang Jorodane, pela Jeriko, ka botjhabela ho didiba tsa Jeriko, ho ya fihla lehwatateng; le ho tloha Jeriko, ho nyolosa hara naha e maralla, ho ya fihla Bethele. 2 Moedi wa tloha Bethele ho ya fihla Lose, wa fetela pele ho ya fihla moeding wa Baareki le ho ya fihla Atarote. 3 Moedi wa theohela bophirimela, ho ya fihla naheng ya Bajafelete, le moeding wa Bete-Horone e tlase, le ho ya fihla Gesere, wa ya fella lewatleng. 4 Bana ba Josefa, le ba Manase, le ba Efraime, ba ile ba fumana lefa la bona hona moo. 5 Moedi wa naha ya bana ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona, ya eba ona: Ka botjhabela moedi wa naha ya bona o ne o tloha Atarote-Adare, o ya fihla Bete-Horone e hodimo. 6 Moedi o lebe bophirimela, Mikemetate e be ka leboya ho wona; o thinyetse ka botjhabela ho ya fihla Taanate-Shilo, o fihle o fete pela yona ka botjhabela ho Janoha. 7 Ho tloha Janoha o theosetse Atarote le Naarate, o yo fihla Jeriko, o felle Jorodane. 8 Ho tloha Tapua moedi o ne o leba bophirimela, ho ya fihla molatswaneng wa Kana, o yo fella lewatleng. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona; 9 hammoho le metse, le metsana yohle, e neng e abetswe bana ba Efraime, e fumanwa hara naha eo e neng e le lefa la bana ba Manase. 10 Leha ha le jwalo ha ba a ka ba ba ba leleka Bakanana ba neng ba ahile Gesere. Bakanana ba nnile ba aha hara bana ba Efraime ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, mme ba fetoha makgoba a sebetsang ka thata. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa