Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 16:10 - BIBELE

10 Leha ha le jwalo ha ba a ka ba ba ba leleka Bakanana ba neng ba ahile Gesere. Bakanana ba nnile ba aha hara bana ba Efraime ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, mme ba fetoha makgoba a sebetsang ka thata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Empa ha ba ka ba leleka Bakanana ba ahileng Gesere; Bakanana ba ahile le Baefraime, ba ba sebeletsa ba ntse ba ntsha lekgetho ho fihlela kajeno.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 16:10
12 Referencias Cruzadas  

Kgosi Solomone o ne a ile a sebedisa makgoba hore a hahe ntlo ya Morena, le ntlo ya hae, le Milo, le lerako la Jerusalema, le Hasore, le Megido, le Gesere.


Faro, kgosi ya Egepeta, o ne a ile a nyoloha, a hapa Gesere, a e tjhesa ka mollo, a bolaya Bakanana ba neng ba ahile motseng oo; yaba o phahlela moradi wa hae, mosadi wa Solomone, ka motse oo.


le bana ba bona ba ileng ba sala naheng eo, bao bana ba Iseraele ba ileng ba sitwa ho ba timetsa ho hang, Solomone o ile a ba fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


e leng ditloholo tsa bona, tse ileng tsa sala naheng eo, tseo bana ba Iseraele ba sa kang ba di timetsa, a di fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Jwale Horame, kgosi ya Gesere, a phalla ho tla thusa motse wa Lakishe. Joshua a mmolaya le setjhaba sa hae, a se ke a siya le ya mong.


Ha e le Bajebuse bona, e leng baahi ba Jerusalema, bana ba Juda ba ile ba sitwa ho ba leleka. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno, Bajebuse ba ntseng ba ahile Jerusalema, mmoho le bana ba Juda.


hammoho le metse, le metsana yohle, e neng e abetswe bana ba Efraime, e fumanwa hara naha eo e neng e le lefa la bana ba Manase.


Leha ho le jwalo, bana ba Manase ba ile ba sitwa ho leleka baahi ba metse eo, mme Bakanana le bona ba ikemisetsa ho dula naheng eo.


Yare ha bana ba Iseraele ba se ba matlafetse, ba fetola Bakanana makgoba. Empa ha ba a ka ba ba leleka ho hang.


Ba morabe wa Efraime le bona ba se ke ba leleka Bakanana ba neng ba ahile Gesere, mme Bakanana bao ba nna ba aha hara bona, Gesere.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos