Joshua 16 - Sesotho 1909/1961 (SO)Naha ya leloko la Efraime. 1 Naha e laoletsweng bana ba Josefa, moedi wa yona o ne o tloha Jordane mabapa le Jeriko, ho isa metsing a Jeriko nqa botjhabela le lefeelleng le nyolosetsang thabeng ya Bethele ho tswa Jeriko; 2 o ntoo tloha Bethele, o lebe Luse, ho ya kena moeding wa Baarke, Atharothe. 3 Nqa bophirimela, o theohela moeding wa Bajaflethe, ho isa moeding wa Bethe-Horone ya katlase, le ho leba Gesere; o ntoo ya fella lewatleng. 4 Bana ba Josefa, Manasse le Efraime, ba nkile lefa la bona jwalo. 5 Moedi wa bana ba Efraime ke ona ka matlo a bona: nqa botjhabela, moedi wa lefa la bona o tloha Atharothe-Addare ho isa Bethe-Horone ya kahodimo. 6 Nqa leboya, moedi o leba lewatleng ho ya kena Mikmethate; moedi o ntoo pota Thaanathe-Silo nqa botjhabela, o feta pela teng nqa botjhabela ho isa Janoa. 7 O ntoo tswa Janoa, o theohele Atharothe le Naaratha, ho ya fihla Jeriko le ho fella Jordane. 8 Nqa bophirimela, moedi o tloha Tappua ho leba nokeng ya Kana, mme o ya fella lewatleng. Ke leo lefa la leloko la bana ba Efraime, ka matlo a bona. 9 Metse e meng ya arolelwa bana ba Efraime lefeng la bana ba Manasse, metse eo yohle e na le metsana ya yona. 10 Empa ha ba ka ba leleka Bakanana ba ahileng Gesere; Bakanana ba ahile le Baefraime, ba ba sebeletsa ba ntse ba ntsha lekgetho ho fihlela kajeno. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa