Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 17:1 - BIBELE

1 Lotho la abela morabe wa Manase naha, hobane e ne e le letsibolo la Josefa. Ha e le Makiri, letsibolo la Manase, ntata Gileade, o ile a abelwa naha ya Gileade, le ya Bashane, hobane e ne e le mohlabani.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Le leloko la Manasse la laolelwa lefa, etswe e le letsibolo la Josefa. Makire ke yena letsibolo la Manasse le ntata Gileade. A newa Gileade le Bashane, hobane e ne e le mohale.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 17:1
20 Referencias Cruzadas  

Josefa a rea letsibolo la hae lebitso la Manase, hobane o ne a re: “Modimo o ntebaditse matshwenyeho a ka wohle, le lelapa lohle la ntate.”


Wa bobedi a mo rea lebitso la Efraime, hobane o ne a re: “Modimo o mphile bana lefatsheng la matshwenyeho a ka.”


Bara ba Josefa, bao Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One, a neng a mo tswalle bona naheng ya Egepeta, ke Manase le Efraime.


Ha Josefa a bona hore ntatae o beile letsoho la hae le letona hodima hlooho ya Efraime, a se ke a thaba. Yaba o tshwara letsoho la ntatae, o le tlosa hloohong ya Efraime, o le bea hodimo hlooho ya Manase,


mme Josefa a re ho ntatae: “E seng jwalo, ntate, hobane eo e leng letsibolo ke enwa! Bea letsoho la hao le letona hodima hlooho ya hae.”


Josefa a bona moloko wa boraro wa bana ba Efraime; le bana ba Makiri, mora wa Manase, bao Josefa a ileng a ba nka e le bana ba hae.


A mmea hore e be kgosi ya Gileade, le ya Ashehure, le ya Jesereele, le ya Efraime, le ya Benjamine, e, le ya naha yohle ya Iseraele.


Gesure, le Arame ba hapa Metse ya Jaire, le Kenate le metsana ya yona. E ne e le metsana e mashome a tsheletseng. Bana bohle ke ditloholo tsa Makiri, ntata Gileade.


Morena Modimo o bua tjena: “Ena ke meedi eo ka yona le tla arolela merabe e leshome le metso e mmedi ya Iseraele naha, hore e be lefa. Josefa yena o tla abelwa dikarolo tse pedi.


naha ya Nafthali e sehelane moedi le ya Manase;


Bara ba Manase ke Makiri, ya tswetseng morabe wa Makiri. Makiri ke yena ya tswetseng Gileade; ha Gileade e le yena ya tswetseng morabe wa Gileade.


Jwale ha atamela baradi ba Selofehade, mora wa Hefere, mora wa Gileade, mora wa Makiri, mora wa Manase, ba morabe wa Manase, mora wa Josefa. Ana ke mabitso a baradi bao: Mahela, le Nowa, le Hogela, le Mileka, le Tiresa.


Jwale Moshe a nea bara ba Gade le bara ba Rubene, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, mora wa Josefa, naha ya Sihone, kgosi ya Baamore; le naha ya Oge, kgosi ya Bashane; a ba nea naha le metse e potapotileng naha eo.


O tla ananela mora wa matsibolo, wa mosadi ya hloilweng, a be a mo nee diabo tse pedi tsa dintho tsohle tseo a nang le tsona, hobane ke mora wa hae wa matswathaka, mme ditokelo tsa mora wa matsibolo ke tsa hae.”


Naha e abilweng ka lotho ya eba karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona; le ya bana ba Abiesere, le ya bana ba Heleke, le ya bana ba Aserele, le ya bana ba Shekeme, le ya bana ba Hefere, le ya bana ba Shemida. Bana e ne e le bana ba batona ba Manase, mora wa Josefa, ho ya ka malapa abo bona.


Moshe o ne a ile a nea karolo e nngwe ya morabe wa Manase naha, Bashane; Joshua yena a nea karolo e nngwe ya bona naha hara bana babo bona, mose ho Jorodane, ka bophirimela. Le bona, ha Joshua a ba qhala hore ba boele ditenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa.


Banna ba Efraime ba theohela naheng ya Amaleke, Benjamine a o latela a le hara mabotho a hao. Balaodi ba theoha ba etswa ha Makiri, ha Sebulone ha tswa ba nkileng mokgele wa molaodi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos