Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 41:52 - Sesotho 1909/1961 (SO)

52 E monyenyane a mo rea lebitso la Efraime (ya behang), a re: Ke hobane Modimo o nkatiseditse lefatsheng la tlokotsi ya ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

52 Wa bobedi a mo rea lebitso la Efraime, hobane o ne a re: “Modimo o mphile bana lefatsheng la matshwenyeho a ka.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 41:52
21 Referencias Cruzadas  

Ke tla o atisetsa bana haholoholo, ke o etse ditjhaba, mme marena a tswe ho wena.


Modimo o matla wohle o o hlohonolofatse, o o atise, o o anafatse, o tle o fetohe letshwele la ditjhaba.


E moholo, Josefa a mo rea lebitso la Manasse (ya lebadisang), a re: Ke hobane Modimo o ntebadisitse ho hlora ha ka kaofela, le ntlo yohle ya ntate.


Yaba dilemo tse supileng tsa nala tse bileng teng naheng ya Egepeta di a fela;


Kamora ditaba tsena ba re ho Josefa: Utlwa, ntatao o bohloko. Yaba o nka bara ba hae ba babedi, Manasse le Efraime.


Empa Iseraele a nanabetsa letsoho le letona, a le bea hloohong ya Efraime, kanthe e le e monyenyene, mme letsoho la hae le letshehadi a le bea hloohong ya Manasse, a fapanya matsoho ka boomo, kanthe Manasse e ne e le e moholo.


Mme jwale, bara ba hao ba babedi bao o ba tswaletsweng naheng ya Egepeta, ke eso ho tle ho wena naheng ya Egepeta, e tla ba ba ka; Efraime le Manasse e tla ba ba ka jwaloka Rubene le Simeone.


Josefa ke lekala la sefata se behang, lekala la sefate se behang se pela sediba, seo makala a sona a nametseng hodima lerako.


Josefa a bona bana ba Efraime ho isa ho ba leloko la boraro, mme bara ba Makire, mora Manasse, le bona ba tswallwa mangoleng a Josefa.


Ba nwa veine mehopeng e kgethehileng, ba tlola ole tsa bohlokwa, mme ha ba utlwiswe bohloko ke leqeba la Josefa.


Bara ba Josefa, ka matlo a bona, ke boManasse le Efraime.


wa mo lokolla mahlomoleng a hae kaofela; mme wa mo nea bohlale le ho kgahlisa Faro, morena wa Egepeta, eo a ba a mmea mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.


etswe bana ba Josefa ba ne ba balwa e le meloko e mmedi, la Manasse le la Efraime; ha ba ka ba nea Balevi kabelo lefatsheng leo, haese metse ya ho aha teng, le meraka ya dikgomo tsa bona, le ya dintho tsa bona.


Bana ba Josefa, Manasse le Efraime, ba nkile lefa la bona jwalo.


Le leloko la Manasse la laolelwa lefa, etswe e le letsibolo la Josefa. Makire ke yena letsibolo la Manasse le ntata Gileade. A newa Gileade le Bashane, hobane e ne e le mohale.


Ha isaisa, Anna a emola, mme a tswala moshemane, a mo rea lebitso la Samuele (Modimo o utlwile), ka ho re: Ke mo kopile ho Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos