Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 17:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Le bana ba bang ba Manasse ba laolelwa lefa ka matlo a bona: ke bana ba Abiesere, le bana ba Heleke, le bana ba Asriele, le bana ba Sikeme, le bana ba Hefere, le bana ba Shemida: bao ke bana ba batona ba Manasse, mora Josefa, ka matlo a bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Naha e abilweng ka lotho ya eba karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona; le ya bana ba Abiesere, le ya bana ba Heleke, le ya bana ba Aserele, le ya bana ba Shekeme, le ya bana ba Hefere, le ya bana ba Shemida. Bana e ne e le bana ba batona ba Manase, mora wa Josefa, ho ya ka malapa abo bona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 17:2
6 Referencias Cruzadas  

Kgaitsedi ya hae Hammolekethe a tswala Ishode, Abiesere, le Mahala.


Le leloko la Manasse la laolelwa lefa, etswe e le letsibolo la Josefa. Makire ke yena letsibolo la Manasse le ntata Gileade. A newa Gileade le Bashane, hobane e ne e le mohale.


Tselofkade yena, mora Hefere, mora Gileade, mora Makire, mora Manasse, ha a ka a ba le bara, a ba le basetsana feela; mabitso a baradi ba hae ke ana: Makla, Nowe, Hogla, Milka, le Thirtsa.


Yaba lengeloi la Jehova le tla, la dula tlasa sefate sa terebinthe se Ofra, e leng sa Joase, Moabiesere, mme Gideone, mora hae, o ne a pola koro sehatelong, hore a tle a e patele Bamidiane.


A re ho bona: Homme mosebetsi ke entse ofe o ka bapiswang le wa lona na? Ha ke re, ho kgwahlapisa ha Efraime ho fetisa kotulo ya merara ya Abiesere na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos