Marena ana kaofela a kgahlana lehwatateng la Sidime, moo kajeno e leng Lewatle la Letswai.
Joshua 12:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) O ne a buse le lehwatata ho isa letsheng la Kinnerethe, ka nqa botjhabatsatsi, le ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, nqa botjhabela, tseleng e yang Bethe-Jeshimothe, le nqa borwa, ho isa tlasa matswapo a Pisga. BIBELE E busa le Araba, ho ya fihla lewatleng la Kinerete ka botjhabela, le ho ya fihla lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai; e busa le ka botjhabela, tseleng e yang Bete-Jeshimote, ka borwa, tlasa matswapo a Pisega. |
Marena ana kaofela a kgahlana lehwatateng la Sidime, moo kajeno e leng Lewatle la Letswai.
A timeletsa metse eo, lehwatata lohle, le bohle ba ahileng metseng, le tse mediswang ke mobu.
Ben-Hadade a utlwa morena Asa; a roma balaodi ba makgotla a hae ho lwantsha metse ya Iseraele; a kena Ijone, Dane, Abele-Bethe-Maaka, le naha yohle ya Kinnerothe, le naha yohle ya Nefthali.
ha ho le jwalo, bona, ke tla phetla lehlakore la Moabe, ho tloha metseng ya hae e pheletsong ya hae, e etsang naha botle: Bethe-Jeshimothe, Baale-Meone, le ho ea fihla Kiriathaime;
ba tloha Bamothe, ba ya sekgutlong se naheng ya Moabe, se fellang qhoweng ya Pisga, ka nqa feelleng.
ho tloha Shefame, moedi o tla theohela Ribla, ka nqa botjhabela ho Aine; mme o tla theoha, o sike le Lewatle la Kinnerethe, ka nqa botjhabela,
Ka tsatsi le leng, bongata bo ne bo mo hatella ho utlwa lentswe la Modimo; o ne a eme lebopong la letsha la Genesarethe.
Ka ba nea le lehwatata, leo moedi wa lona e leng Jordane, ho tloha Kinnerethe ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, katlasa Pisga, nqa botjhabatsatsi.
hammoho le lehwatata lohle le mose o kwana ho Jordane, nqa botjhabatsatsi, ho isa Lewatleng la Lehwatata, tlasa Pisga.
le ho marena a ka nqa leboya dithabeng, le mahwatateng ka nqa borwa ho Kinnerethe, le dikgutlong, le maralleng a Dore ka nqa bophirimatsatsi,
Moedi wa bona nqa borwa o ne o tloha phellong ya Lewatle la Letswai, koung e lebileng borwa,
Nqa botjhabela, moedi e ne e le Lewatle la Letswai, ho isa makenellong a Jordane; nqa leboya, moedi o ne o tloha koung ya Lewatle la Letswai, moo Jordane e kenang teng.
metsi a theohang, a tswang hodimo, a ema, mme a etsa qubu ho isa holehole, haufi le Adama, motse o pela Tsarthane, mme metsi a mathelang Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, a kgaolwa ka mokgwa o phethehileng; mme setjhaba sa tshela mabapa le Jeriko.