Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 34:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 ho tloha Shefame, moedi o tla theohela Ribla, ka nqa botjhabela ho Aine; mme o tla theoha, o sike le Lewatle la Kinnerethe, ka nqa botjhabela,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Moedi o tla theosa ho tloha Shefame ho ya fihla Ribela, ka botjhabela ho Aine; ebe o theosa o ikgohlile ka lebopo le ka botjhabela la letsha la Kinerete.

Ver Capítulo Copiar




Numere 34:11
16 Referencias Cruzadas  

Ebile Faro-Neko o mo tlama ka mahlaahlela, Ribla, naheng ya Hamathe, hore a se ke a hlola a busa Jerusalema; a ntshisa lefatshe lekgetho la lekgolo la ditalenta tsa silefera le talenta e nngwe ya kgauta.


Ba tshwara morena, ba mo tlisa ho morena wa Babilona, Ribla, mme a ahlolwa teng.


Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia pontsheng ya hae, le baholo bohle ba Juda a ba bolaela Ribla.


Ba tshwara morena, ba mo tlisa ho morena wa Babilona, Ribla, lefatsheng la Hamathe, mme a mo ahlola teng.


Le tla itshehela moedi wa lona ka nqa botjhabela, ka ho tloha Hatsar-Enane ho isa Shefame;


mme o tla theosa Jordane ho ya kena Lewatleng la Letswai. Naha ya lona e tla ba jwalo, ka meedi ya yona e e teelang hare.


Yare ha ba tsheletse mose, ba kena lefatsheng la Genesarethe.


Ka tsatsi le leng, bongata bo ne bo mo hatella ho utlwa lentswe la Modimo; o ne a eme lebopong la letsha la Genesarethe.


Kamora tseo, Jesu a ya mose wane wa lewatle la Galelea, e leng la Tiberiase.


Ka ba nea le lehwatata, leo moedi wa lona e leng Jordane, ho tloha Kinnerethe ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, katlasa Pisga, nqa botjhabatsatsi.


le ho marena a ka nqa leboya dithabeng, le mahwatateng ka nqa borwa ho Kinnerethe, le dikgutlong, le maralleng a Dore ka nqa bophirimatsatsi,


O ne a buse le lehwatata ho isa letsheng la Kinnerethe, ka nqa botjhabatsatsi, le ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, nqa botjhabela, tseleng e yang Bethe-Jeshimothe, le nqa borwa, ho isa tlasa matswapo a Pisga.


Lehwatateng ke Bethe-Arame, le Bethe-Nimra, le Sukkothe, le Tsafone, e leng ho setseng ha mmuso wa Sihone, morena wa Heshbone; Jordane ke moedi wa teng, ho isa phellong ya letsha la Kinnerethe, mose wane wa Jordane, nqa botjhabela.


Hape, metse e marako ke Tsiddime, Tsere, Hammathe, Rakkathe, le Kinnerethe;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos