Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 34:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 mme o tla theosa Jordane ho ya kena Lewatleng la Letswai. Naha ya lona e tla ba jwalo, ka meedi ya yona e e teelang hare.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Moedi o tla sika ka Jorodane, o be o yo fella Lewatleng la Letswai. “ ‘Ena e tla ba yona naha ya lona le meedi e e potapotileng.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Numere 34:12
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Lota o isa mahlo a hae, a bona lehwatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle ho isa Tsoware, le le jwaloka tshimo ya Jehova, le jwaloka lefatshe la Egepeta; mohlang oo, Jehova o ne a eso ho senye Sodoma le Gomora.


Marena ana kaofela a kgahlana lehwatateng la Sidime, moo kajeno e leng Lewatle la Letswai.


Ke tla bea meedi ya hao ho tloha Lewatleng le Lefubedu ho isa Lewatleng la Bafiliseta, le ho tloha lefeelleng ho isa nokeng; hobane ke tla neela matsohong a lona ba ahileng fatsheng lena, o tle o ba leleke pela hao.


Morena Jehova o re: Ke ena meedi ya lefatshe leo e tla ba lefa la lona, la meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele. Josefa o tla newa karolo tse pedi.


ho tloha Shefame, moedi o tla theohela Ribla, ka nqa botjhabela ho Aine; mme o tla theoha, o sike le Lewatle la Kinnerethe, ka nqa botjhabela,


Moshe a nea bana ba Iseraele taelo eo, a re: Ke yona naha eo le tla arolelana yona ka lotho, eo Jehova a laetseng hore e newe meloko e robileng mono o le mong le halofo ya moloko.


Ka nqa borwa, moedi e tla ba lefeella la Tsine, ho fihlela Edomo; moedi wa lona, ka nqa borwa, o tla tloha pheletsong ya Lewatle la Letswai ka nqa botjhabela;


Joshua ha a se a tsofetse, a hodile, Jehova a re ho yena: O tsofetse, o hodile, mme ho sa setse fatshe le leholo le esong ho ruwe.


Nqa botjhabela, moedi e ne e le Lewatle la Letswai, ho isa makenellong a Jordane; nqa leboya, moedi o ne o tloha koung ya Lewatle la Letswai, moo Jordane e kenang teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos