Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 21:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 ba tloha Bamothe, ba ya sekgutlong se naheng ya Moabe, se fellang qhoweng ya Pisga, ka nqa feelleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 ho tloha Bamote ba ya kgohlong e naheng ya Moabe, kahodimo ho Pisega, e okametseng lehwatata.

Ver Capítulo Copiar




Numere 21:20
11 Referencias Cruzadas  

Ba tloha feelleng, ba ya Matthana; ba tloha Matthana, ba ya Nahaliele; ba tloha Nahaliele, ba ya Bamothe;


Baiseraele ba roma manqosa ho Sihone, morena wa Baamore, ka ho re:


Bana ba Iseraele ba tloha, mme ba emisa mahwatateng a Moabe, mose wane ho Jordane, mabapa le Jeriko.


A mo isa tshimong ya Tsofime, qhoweng ya Pisga; teng a haha dialetare tse supileng, a hlaba poho le pheleu aletareng e ngwe le e nngwe.


Balake a isa Balaame qhoweng ya Peore, moo e okametseng lefeella.


Bana ba Iseraele ke bao, bao Moshe le moprista Eleasare ba kileng ba ba bala mahwatateng a Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko.


Moshe eitse ha a le mose o kwana wa Jordane, naheng ya Moabe, a qala ho hlalosetsa Baiseraele molao ona, a re:


Hlwella qhoweng ya Pisga, mme o ise mahlo nqa bophirimatsatsi, le nqa leboya, le nqa borwa, le nqa botjhabatsatsi, mme o bohe ka mahlo a hao; hobane haele Jordane eo, o ke ke wa ba wa e tshela.


Moshe a tloha mahwatateng a Moabe, a nyolohela thabeng ya Nebo, qhoweng ya Pisga malebana le Jeriko; Jehova a mmontsha lefatshe lohle: naha yohle ya Gileade ho isa Dane,


hammoho le lehwatata lohle le mose o kwana ho Jordane, nqa botjhabatsatsi, ho isa Lewatleng la Lehwatata, tlasa Pisga.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos