Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 21:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Baiseraele ba roma manqosa ho Sihone, morena wa Baamore, ka ho re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Jwale Baiseraele ba romela maqosa ho Sihone, kgosi ya Baamore, hore a re:

Ver Capítulo Copiar




Numere 21:21
16 Referencias Cruzadas  

Bajebuse, Baamore, Bagirgashe,


Wa ba fa le mebuso le ditjhaba, mme wa ba arolela tsona ka dikoto; ba rua lefatshe la Sihone morena wa Heshbone, le lefatshe la Oge, morena wa Bashane.


Sihone, morena wa Baamore, le Oge, morena wa Bashane, le marena kaofela a Kanana;


Sihone, morena wa Baamore: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Babalehi ba eme moriting wa Heshbone ba kgathetse, empa mollo o tswile Heshbone, kgabo e tswile hara Sihone, mme e ja mahlakore a Moabe le dihlooho tsa hae ka moferefere.


ba tloha Bamothe, ba ya sekgutlong se naheng ya Moabe, se fellang qhoweng ya Pisga, ka nqa feelleng.


Ke ha a sa tswa bolaya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ya neng a ahile Ashtarothe le Edrei.


Eitse mohla le fihlang nqalong ena, Sihone, morena wa Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ba ile ba tswa, ba tla ho re lwantsha, empa ra ba bolaya;


ba le mose o kwano ho Jordane, sekgutlong se mabapa le Bethe-Peore, naheng ya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone, eo Moshe le bana ba Iseraele ba neng ba mo hlotse ha ba se ba tswile Egepeta.


Ke ana marena a lefatshe la Kanana, ao bana ba Iseraele ba a hlotseng, ba ruileng naha tsa wona mose wane wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi, ho tloha nokeng ya Arnone, ho isa thabeng ya Hermone, hammoho le lehwatata lohle nqa botjhabatsatsi.


Hobane re utlwile kamoo Jehova a omisitseng metsi a Lewatle le Lefubedu pela lona kateng, mohla le tswang Egepeta, le kamoo le entseng ho marena a mabedi a Baamore kateng, ba mose wane wa Jordane, e leng Sihone le Oge, bao le ba timeditseng.


Ka ba ka le tlisa lefatsheng la Baamore, ba neng ba ahile mose wane wa Jordane, mme ba le lwantsha; empa ka ba neela matsohong a lona, mme la rua lefatshe la bona; mme ka ba timetsa pela lona.


Jehova a re ho bana ba Iseraele: Ha ke re, ke se nkile ka le namolela matsohong a Baegepeta, le a Baamore, le a bana ba Ammone, le a Bafilesta na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos