Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 12:3 - BIBELE

3 E busa le Araba, ho ya fihla lewatleng la Kinerete ka botjhabela, le ho ya fihla lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai; e busa le ka botjhabela, tseleng e yang Bete-Jeshimote, ka borwa, tlasa matswapo a Pisega.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O ne a buse le lehwatata ho isa letsheng la Kinnerethe, ka nqa botjhabatsatsi, le ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, nqa botjhabela, tseleng e yang Bethe-Jeshimothe, le nqa borwa, ho isa tlasa matswapo a Pisga.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 12:3
15 Referencias Cruzadas  

Dikgosi tsena kaofela tsa kopanya mabotho, phuleng ya Sidime, e leng Lewatleng la Letswai.


A ripitla metse eo, le phula yohle, le baahi bohle ba metse eo, le dimela tsohle tse metseng teng.


Bene-Hadade a ananela mantswe ao a kgosi Asa, a romela balaodi ba mabotho a hae ho futuhela metse ya Iseraele; a ripitla motse wa Ione, le wa Dane, le wa Abele-Bete-Maaka, le naha yohle ya Kinerete, le Nafthali yohle.


ke tla etsa hore metse ya Moabe e meeding, metse ya Bete-Jeshimote le Baale-Meone le Kiriataime, eo e leng tlotla ya naha eo,


ho tloha Bamote ba ya kgohlong e naheng ya Moabe, kahodimo ho Pisega, e okametseng lehwatata.


Moedi o tla theosa ho tloha Shefame ho ya fihla Ribela, ka botjhabela ho Aine; ebe o theosa o ikgohlile ka lebopo le ka botjhabela la letsha la Kinerete.


Eitse ha letshwele le patisitse Jesu ho mamela lentswe la Modimo, a eme lebopong la letsha la Genesareta,


Kamorao ho tsena Jesu a tshela letsha la Galelea, ke ho re la Tiberiase.


Ka ba abela le phula, le Jorodane, mmoho le naha e mathokong a yona, ho tloha Kinerete, ho ya fihla lewatleng le phuleng, e leng Lewatle la Letswai, tlasa mosiko wa Pisega, ka botjhabela.”


Ba hapa le phula yohle e ka kwano ho Jorodane, ka botjhabela, ho ya fihla Lewatleng la Letswai, tlasa mesiko ya Pisega.


A o romela le ho dikgosi tsohle tse ka leboya, naheng e maralla, le Lewatleng la Letswai, ka borwa ho Kinerete, le diphuleng, le maralleng a Dore, ka bophirimela.


le Bete-Peore, le matswapo a Pisega, le Bete-Jeshimote,


Ka borwa moedi wa bona o ne o tloha qetheng ya karolo ya Lewatle la Letswai, koung e shebileng borwa.


Ka botjhabela moedi o ne o tloha Lewatleng la Letswai, o be o yo fihla molomong wa Jorodane. Ka leboya moedi o ne o tloha koung ya lewatle, moo Jorodane e kenang lewatleng teng.


metsi a phallelang tlase a ema, a kokomoha, a iketsa lekaka le yang morao, ho tloha motseng wa Adama, o haufi le Saretane. Metsi a phallelang Lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai, a kgaotsa ho phalla. Setjhaba sa tshela malebana le Jeriko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos