Sara a shwela Kiryath-Arba, e leng Hebrone, naheng ya Kanana; mme Abrahama a tla bofifing ba Sara ho mo llela.
Joshua 10:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, a romela ho Hohame, morena wa Hebrone, le ho Pireame, morena wa Jarmuthe, le ho Jafia, morena wa Lakishe, le ho Debire, morena wa Eglone, a re: BIBELE Yaba Adoni-Sedeke, kgosi ya Jerusalema, o romela molaetsa ho Hohame, kgosi ya Heborone; le ho Pirame, kgosi ya Jaremute; le ho Jafia, kgosi ya Lakishe; le ho Debiri, kgosi ya Egelone, o re: |
Sara a shwela Kiryath-Arba, e leng Hebrone, naheng ya Kanana; mme Abrahama a tla bofifing ba Sara ho mo llela.
Yaba o re ho yena: Ako ye hle, o bone hore na ho ntse ho dutswe hantle ke banabeno le ke mehlape, o ntoo ntlela le ditaba. Yaba o mo roma a le sekgutlong sa Hebrone, mme a ya Sikeme.
Haele bongata ba tshiu tseo Davida a busitseng ntlo ya Juda ka tsona a le Hebrone, ke dilemo tse supileng tse nang le kgwedi tse tsheletseng.
Jwale Esekiase, morena wa Juda, a romela ho morena wa Assiria, Lakishe, a re: Ke sitilwe; kgutla ho nna; seo o tla ntjarisa sona ke tla se jara. Morena wa Assiria a lefisa Esekiase, morena wa Juda, ditalenta tse makgolo a mararo tsa silefera, le talenta tse mashome a mararo tsa kgauta.
Leha ho le jwalo, morena wa Assiria, ha a le Lakishe, a romela Tharthane, le Rabe-Sarise, le Rabshake, ka makgotla a mangata, ho Esekiase, Jerusalema. Ba tla, ba fihla pela Jerusalema; ha ba fihlile, ba tla, ba ema moeding wa letsha le kahodimo, mmileng o pela tshimo ya mohlatswi.
Ke ha makgotla a morena wa Babilona a ne a lwantsha Jerusalema, le metse kaofela ya Juda e sa setseng, Lakishe, le Aseka, hobane e ne e sa setse ya metse ya Juda, e le metse ya diqhobosheane.
Bofa dipere tse lebelo koloing, wena moahi wa Lakishe, hobane ke yona qalo ya sebe sa moradi wa Sione, hobane bokwenehi ba Iseraele bo fumanwe ho wena.
Ba kena ka nqa borwa, ba fihla Hebrone, moo ho neng ho ahile bana ba Anake, boAkimane, Sheshai, le Talmai. Hebrone o ne a hahilwe dilemo tse supileng, motse wa Tsoane wa Egepeta, o eso ho be teng.
Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, ha a utlwa kamoo Joshua a keneng Ai kateng, a o fedisitseng, le hore jwalokaha a ne a entse ka Jeriko le ka morena wa teng, o entse jwalo le ka Ai le ka morena wa teng; le kamoo ba ahileng Gibeone ba entseng kgotso le Baiseraele kateng, ba bileng ba jakile ho bona,
Ba etsa jwalo, ba mo ntshetsa lehaheng marena ao a mahlano, e leng morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone.
Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba ntoo feta Lakishe, ba ya Eglone, ba emisa pela teng, mme ba o lwantsha.
Ebile marena a mahlano a Baamore, morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone, a phutheha hammoho, a futuha, a ya ka makgotla wohle a wona, a emisa pela Gibeone, a mo lwantsha.
Pele lebitso la Hebrone e ne e le Kiryath-Arba; Arba yena e be e le motho e molelele ho feta Baanake kaofela. Mme lefatshe la phomola ntwa e le siyo.
Humta, Kiryath-Arba, e leng Hebrone, le Tsiore: ke metse e robileng mono o le mong le metsana ya yona.
Haele Bajebuse ba neng ba ahile Jerusalema, bana ba Juda ba sitwa ho ba leleka; Bajebuse ba ahile ke hona le bana ba Juda, Jerusalema, ho fihlela kajeno.
Tsela, Elefe le Jebuse, e leng Jerusalema, le Gibeathe, le Kiryathe: ke metse e leshome le metso e mene le metsana ya yona. Ke leo lefa la Babenjamine ka matlo a bona.