Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 34:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke ha makgotla a morena wa Babilona a ne a lwantsha Jerusalema, le metse kaofela ya Juda e sa setseng, Lakishe, le Aseka, hobane e ne e sa setse ya metse ya Juda, e le metse ya diqhobosheane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 E ne e le ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a neng a futuhetse Jerusalema le metse ya Juda e neng e setse, e leng Lakishe le Aseka, kaha hara metse e haheleditsweng ya Juda, e ne e le yona feela e sa setseng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 34:7
18 Referencias Cruzadas  

Ebile ba bang ba mo fetohela Jerusalema, a mpa a balehela Lakishe; yaba ba mo phallela ho fihla Lakishe, ba mmolaela teng.


Rabshake a kgutla, a fihlela morena wa Assiria a lwantsha Libna; hobane o ne a utlwile ha ho thwe, o tlohile Lakishe.


A haha le metse dithabeng tsa Juda, mme merung a haha diqhobosheane le ditora.


Mme morena wa Assiria, ha a le Lakishe, a romela Rabshake ka makgotla a maholo ho ya Jerusalema ho lwantsha morena Esekiase; a tla a ema moeding wa letsha le kahodimo, mmileng o pela tshimo ya mohlatswi.


Esita le metse ya Juda le baahi ba Jerusalema, ba tla ya, ba howeletse ho medimo eo ba e tjhesetsang dibano, empa e ke ke ya ba thusa letho tsatsing la tsietsi ya bona.


Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, ha Nebukadnesare, morena wa Babilona, le makgotla a hae kaofela, le mebuso kaofela ya lefatshe e buswang ke letsoho la hae, le ditjhaba kaofela, di ntse di lwantsha Jerusalema le metse kaofela e mathokong a teng, la re:


Bolellang Juda, le tsebise Jerusalema, le re: Letsang terompeta lefatsheng, howeletsang, le tlerole, le re: Phuthehang, re kene metseng ya diqhobosheane.


Re ituletse keng? Phuthehang, re kene metseng e diqhobosheane, re tle re felle teng, hobane Jehova, Modimo wa rona, o ya re fedisa, o ya re nosa metsi a mahloko, hobane re sitetswe Jehova.


Bofa dipere tse lebelo koloing, wena moahi wa Lakishe, hobane ke yona qalo ya sebe sa moradi wa Sione, hobane bokwenehi ba Iseraele bo fumanwe ho wena.


Se tla o thibella metseng yohle ya hao, marako a hao a malelele, a matla, ao o a tshepileng naheng yohle ya hao, a be a wele fatshe; se tla o thibella metseng yohle ya hao lefatsheng lohle leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona.


Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, a romela ho Hohame, morena wa Hebrone, le ho Pireame, morena wa Jarmuthe, le ho Jafia, morena wa Lakishe, le ho Debire, morena wa Eglone, a re:


Ebile marena a mahlano a Baamore, morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone, a phutheha hammoho, a futuha, a ya ka makgotla wohle a wona, a emisa pela Gibeone, a mo lwantsha.


e mong, ke morena wa Jarmuthe; e mong, ke morena wa Lakishe;


Jarmuthe, Adullame, Soko, Aseka;


Lakishe, Botskathe, le Eglone;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos