Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 14:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Pele lebitso la Hebrone e ne e le Kiryath-Arba; Arba yena e be e le motho e molelele ho feta Baanake kaofela. Mme lefatshe la phomola ntwa e le siyo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Pele ho moo, lebitso la Heborone e ne e le Motse wa Areba, mme Areba e ne e le senatlahadi hara Baanake. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 14:15
16 Referencias Cruzadas  

Sara a shwela Kiryath-Arba, e leng Hebrone, naheng ya Kanana; mme Abrahama a tla bofifing ba Sara ho mo llela.


Jakobo a fihla ho Isaaka, ntatae, Mamre, motseng wa Kiryath-Arba, e leng Hebrone, moo boAbrahama le Isaaka ba kileng ba ahella teng.


Yaba o re ho yena: Ako ye hle, o bone hore na ho ntse ho dutswe hantle ke banabeno le ke mehlape, o ntoo ntlela le ditaba. Yaba o mo roma a le sekgutlong sa Hebrone, mme a ya Sikeme.


Eleasare a tswala Finease, Finease a tswala Abishua,


Haele tsa metse le masimo a yona, bana ba Juda ba bang ba kile ba aha Kiryath-Arba le metseng ya teng, le Dibone le metseng ya teng, le Jekabtseele le metseng ya teng,


Joshua a hapa lefatshe lohle jwalo, a etsa ka tsohle tseo Jehova a neng a di boleletse Moshe, mme Joshua a le nea Iseraele hore ba le rue, ka methapo ya bona le ka meloko ya bona; mme lefatshe la phomola, ntwa e le siyo.


Ke ka mokgwa oo Hebrone e bileng lefa la Kalebe, mora Jefunne, Mokenise, ho fihlela kajeno; hobane o kile a latela Jehova, Modimo wa Iseraele, kahohle.


Kalebe yena, mora Jefunne, a newa kabelo hammoho le bana ba Juda, jwalokaha Jehova a ne a laetse Joshua, a newa motse wa Arba, ntata Anake; ke wona Hebrone.


ba newa Kiryath-Arba, e leng Hebrone, dithabeng tsa Juda, le meraka ya wona e o teetseng hare; Arba e ne e le ntata Anake.


Empa masimo a metse le metsana ya yona ba e nea Kalebe, mora Jefunne, ho ba leruo la hae.


Kalebe yena a newa Hebrone, kamoo Moshe a neng a boletse kateng, mme a leleka bara ba bararo ba Anake teng.


Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane; mme Othniele, mora Kenase, a timela.


Tsatsing leo Bamoabe ba kokobetswa ke Baiseraele, mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi.


Oho Jehova! dira tsohle tsa hao ha di ke di timele jwalo! Haele ba o ratang, ba tla tshwana le letsatsi ha le tjhaba matleng a lona. Yaba lefatshe le phomola ka dilemo tse mashome a mane.


Bamidiane ba kokobetswa jwalo pela bana ba Iseraele; mme ha ba ka ba hlola ba emisa dihlooho tsa bona. Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane mehleng ya Gideone.


le ho ba Hebrone, le hohle moo Davida le banna ba hae ba neng ba tsamaela teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos