Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 10:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ebile marena a mahlano a Baamore, morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone, a phutheha hammoho, a futuha, a ya ka makgotla wohle a wona, a emisa pela Gibeone, a mo lwantsha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Dikgosi tsena tse hlano tsa Baamore, e leng kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone, le kgosi ya Jaremute, le kgosi ya Lakishe, le kgosi ya Egelone, tsa ikopanya, tsa nyoloha le mabotho a tsona wohle, tsa hloma malebana le Gibeone, tsa e futuhela.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 10:5
8 Referencias Cruzadas  

Empa bona ba tla kgutlela kwano ka leloko la bone, hobane ho fihlela moo, bokgopo jwa Baamore bo ya be bo eso ho tlale.


Ke ha makgotla a morena wa Babilona a ne a lwantsha Jerusalema, le metse kaofela ya Juda e sa setseng, Lakishe, le Aseka, hobane e ne e sa setse ya metse ya Juda, e le metse ya diqhobosheane.


Baamaleke ba ahile ka nqa borwa; Bahethe, le Bajebuse, le Baamore ba ahile dithabeng; Bakanana bona, ba ahile pela lewatle le mabapa le Jordane.


Empa marena ao a mahlano a baleha, a ipata lehaheng la Makkeda.


Yaba banna ba Gibeone ba romela ho Joshua diahelong tsa Gilgale, ba re: O se ke wa tlosa letsoho la hao ho bahlanka ba hao; tloo ho rona kapele, o re namolele, o re thuse; hobane marena wohle a Baamore a ahileng dithabeng a re bokanetse ho re lwantsha.


Metse eo Bafilesta ba neng ba e hapile ea Iseraele, ya boela ho Iseraele, ho qala ka Ekrone, ho isa Gathe, le naha tsa teng; Baiseraele ba di hapa matsohong a Bafilesta, mme kgotso ya eba teng mahareng a Baiseraele le Baamore.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos