Joshua 10:5 - BIBELE5 Dikgosi tsena tse hlano tsa Baamore, e leng kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone, le kgosi ya Jaremute, le kgosi ya Lakishe, le kgosi ya Egelone, tsa ikopanya, tsa nyoloha le mabotho a tsona wohle, tsa hloma malebana le Gibeone, tsa e futuhela. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)5 Ebile marena a mahlano a Baamore, morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone, a phutheha hammoho, a futuha, a ya ka makgotla wohle a wona, a emisa pela Gibeone, a mo lwantsha. Ver Capítulo |