Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 10:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba banna ba Gibeone ba romela ho Joshua diahelong tsa Gilgale, ba re: O se ke wa tlosa letsoho la hao ho bahlanka ba hao; tloo ho rona kapele, o re namolele, o re thuse; hobane marena wohle a Baamore a ahileng dithabeng a re bokanetse ho re lwantsha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Banna ba Gibeone ba romela molaetsa ho Joshua, diahelong tsa hae Gilegale, ba re: “O se ke wa phutha matsoho a hao, wa lahla bahlanka ba hao; nyolohela ho rona kapele, o tlo re thusa, mme o re pholose. Dikgosi tsohle tsa Baamore tse phelang naheng e maralla di re dikanetse.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 10:6
14 Referencias Cruzadas  

Jwale a qhaneha esele, a re ho mohlankana wa hae: E hule, o tsamaye; o se ke wa ntiehisa ha ke kaletse, haese ha ke o bolella.


Dithaba di teela Jerusalema hare; Jehova o teela setjhaba sa hae hare jwalo, jwale le ka ho sa yeng kae.


Hobane Jehova ke moahlodi wa rona, Jehova ke molaodi wa rona, Jehova ke morena wa rona, o tla re boloka.


Baamaleke ba ahile ka nqa borwa; Bahethe, le Bajebuse, le Baamore ba ahile dithabeng; Bakanana bona, ba ahile pela lewatle le mabapa le Jordane.


Matsatsing wona ao, Maria a tloha, a phakisa a ya maloting, motseng o mong wa Juda.


Yaba ke kgetha dihlooho tsa meloko ya lona, banna ba bohlale, ba tsejwang, ka ba bea dihlooho tsa lona, hore e be balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, le balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome, hape e be bahlahlobi ba meloko ya lona.


Ebile marena a mahlano a Baamore, morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone, a phutheha hammoho, a futuha, a ya ka makgotla wohle a wona, a emisa pela Gibeone, a mo lwantsha.


Ebile Joshua o tloha Gilgale, a ya le bahlabani bohle le bahale bohle.


ba newa Kiryath-Arba, e leng Hebrone, dithabeng tsa Juda, le meraka ya wona e o teetseng hare; Arba e ne e le ntata Anake.


Bana ba Iseraele ba emisa Gilgale, ba etsa Paseka ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, nakong ya mantsiboya, mahwatateng a Jeriko.


Joshua a etsa kgotso le bona, a hlaba selekane le bona, sa ho ba tlohela ba phela; mme hlooho tsa phutheho tsa itlamela hona ka kano.


Ba fihla ho Joshua diahelong tsa Gilgale, ba re ho yena le ho banna ba Iseraele: Re tswa naheng e hole; hlabang selekane le rona jwale.


Ba re ho Joshua: Re bahlanka ba hao. Joshua a re ho bona: Le bomang? Le tswa kae?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos