Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 10:3 - BIBELE

3 Yaba Adoni-Sedeke, kgosi ya Jerusalema, o romela molaetsa ho Hohame, kgosi ya Heborone; le ho Pirame, kgosi ya Jaremute; le ho Jafia, kgosi ya Lakishe; le ho Debiri, kgosi ya Egelone, o re:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, a romela ho Hohame, morena wa Hebrone, le ho Pireame, morena wa Jarmuthe, le ho Jafia, morena wa Lakishe, le ho Debire, morena wa Eglone, a re:

Ver Capítulo Copiar




Joshua 10:3
19 Referencias Cruzadas  

Sara a shwela Kiriate-Areba e leng Heborone, naheng ya Kanana. Aborahama a ya mo aparela bofifi, a mo llela.


Yaba Iseraele o re ho yena: “Ako ye, o yo bona hore na bana beno ba ntse ba phela hantle, le mohlape na, mme o kgutle o tlo mpolella.” Ha a mo roma ba ne ba le kgohlong ya Heborone. Josefa a tsamaya, a ya fihla Shekeme.


Davida a busa ba morabe wa Juda, a le Heborone, ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng.


Hesekiya, kgosi ya Juda, a romela molaetsa Lakishe, ho kgosi ya Asiria, a re: “Ke sitilwe; ke a o kopa: Ako kgaotse ho mphutuhela, mme ke tla ntsha lekgetho leo o le batlang.” Kgosi ya Asiria ya re ho kgosi ya Juda e ntshe lekgetho la silefera e boima ba dikilo tsa dikete tse leshome, le kgauta e boima ba dikilo tse sekete.


Jwale kgosi ya Asiria ya romela lebotho le leholo, le tlohang Lakishe, ho ya futuhela kgosi Hesekiya, a le Jerusalema. Lebotho leo le ne le tswile le mookamedi wa balaodi, le molaodi wa mabotho, le molaodi wa ntwa. Ba nyolohela Jerusalema, ba fihla ba emisa moseleng wa letshana le kahodimo, pela mmila o yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela.


le Adoraime, le Lakishe, le Aseka,


E ne e le ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a neng a futuhetse Jerusalema le metse ya Juda e neng e setse, e leng Lakishe le Aseka, kaha hara metse e haheleditsweng ya Juda, e ne e le yona feela e sa setseng.


Lona baahi ba Lakishe panang dipere, le pane dipere kariking tsa ntwa; ke lona ba baketseng Moradi wa Sione sebe, tshito tsa Iseraele di fumanwe ho lona.


Ba nyolohela Negebe, ba ya fihla Heborone, moo Ahimane, le Sheshai, le Talamai, bana ba Anake, ba neng ba ahile teng. Heborone e ne e ile ya hahuwa dilemo tse supileng pele Sowane e Egepeta e hahuwa.


Jwale Adoni-Sedeke, kgosi ya Jerusalema, a utlwa hore Joshua o hapile motse wa Ai, o bile o o ripitlile ho hang; le hore seo a neng a se etse motseng wa Jeriko le ho kgosi ya yona, o se entse motseng wa Ai le ho kgosi ya yona. A utlwa le hore baahi ba Gibeone ba entse kgotso le Baiseraele, mme ba bile ba se ba phela hara bona.


Ba etsa jwalo. Ba ntsha dikgosi tseo tse hlano ka lehaheng, ba di tlisa ho yena, e le kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone, le kgosi ya Jaremute, le kgotsi ya Lakishe, le kgosi ya Egelone.


Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Lakishe, a ya Egelone, a etsetsa motse oo thibella, a o futuhela.


Dikgosi tsena tse hlano tsa Baamore, e leng kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone, le kgosi ya Jaremute, le kgosi ya Lakishe, le kgosi ya Egelone, tsa ikopanya, tsa nyoloha le mabotho a tsona wohle, tsa hloma malebana le Gibeone, tsa e futuhela.


Pele ho moo, lebitso la Heborone e ne e le Motse wa Areba, mme Areba e ne e le senatlahadi hara Baanake. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.


le Humeta, le Motse wa Areba, e leng Heborone, le Siore. Metse ena e ne e le robong, le metsana ya yona.


Ha e le Bajebuse bona, e leng baahi ba Jerusalema, bana ba Juda ba ile ba sitwa ho ba leleka. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno, Bajebuse ba ntseng ba ahile Jerusalema, mmoho le bana ba Juda.


le Sela, le Elefe, le Jebuse, e leng Jerusalema, le Gibeata, le Kiriate. Kaofela ha yona ke metse e leshome le metso e mene le metsana ya yona. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos