Joele 1:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jo! letsatsi! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla jwaloka tshenyeho e tswang ho Ya matla wohle. BIBELE A letsatsi le tshabehang! Tsatsi la Morena le se le le haufi! Le tla tla e le tsatsi la timetso e tswang ho Ya Matla wohle. |
Jo nna! tsatsi leo ke le leholo, ha ho le leng le kang lona; ke dinako tsa tsietsi ho Jakobo; leha ho le jwalo, o tla pholoha ho tsona.
Tsatsi leo ho Morena, Jehova wa makgotla, ke tsatsi la tefetso, ho itefeletsa ho bao e leng dira ho yena. Lerumo le ya nne le je, le kgore, le tahwe ke madi a bona; hobane ke sehlabelo sa Morena, Jehova wa makgotla, lefatsheng la Leboya, nokeng ya Eufrate.
Efela tshiu eo e haufi: e, e haufi, tshiu ya Jehova; e tla ba tshiu e lefifi, e tla ba tshiu ya ditjhaba.
Jehova o phahamisa lentswe la hae pela makgotla a hae, hobane makgotla a hae a maholo haholo, mme mophethi wa lentswe la hae o matla, hobane le leholo letsatsi la Jehova, le tshabeha haholoholo; ya ka le mamellang ke mang?
Letsatsi le tla fetoha lefifi, le kgwedi e fetohe madi, ho eso ho tle letsatsi la Jehova le leholo, le tshabehang;
Matshwele, matshwele a teng a lehlanahlana kgohlong ya kahlolo! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla ba teng kgohlong ya kahlolo.
Hobane letsatsi la Jehova la ho ahlola ditjhaba tsohle le haufi. Seo o se entseng o tla se etswa le wena, ketso tsa hao di boele hodima hlooho ya hao.
Tholang pela Morena Jehova! hobane letsatsi la Jehova le atametse; hobane Jehova o lokisitse sehlabelo, o hlatswitse bao a ba bitsitseng.
Banabeso, le se ke la beana melato, hore le se ke la ahlolwa. Bonang, moahlodi o eme pela monyako.