Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 2:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jehova o phahamisa lentswe la hae pela makgotla a hae, hobane makgotla a hae a maholo haholo, mme mophethi wa lentswe la hae o matla, hobane le leholo letsatsi la Jehova, le tshabeha haholoholo; ya ka le mamellang ke mang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Morena o kgaruma a eteletse mabotho a hae pele, hoba mabotho a hae e hlile ke boiyane; ke dinatla, a phetha taelo ya hae. Letsatsi la Morena le leholo, le leholo le bile le a tshabeha! E be ke mang ya ka le mamellang?

Ver Capítulo Copiar




Joele 2:11
30 Referencias Cruzadas  

A betsa metsu ya hae, a ba qhalanya ka yona, a tsekemisa mahadima a sa balweng, mme a ba qhemetsa.


Ditjhaba di mohorohoro, mebuso e a sisinyeha. Modimo o utlwahatsa lentswe la wona, lefatshe le a qhibiliha.


O nyolohetse phahameng, o isitse batshwaruwa kgolehong, o nkile dineo ho batho le ho bona bakwenehi, hore Jehova Modimo a tle a tsebe ho aha teng.


Modumo o utlwahala dithabeng, o kang wa tjhaba se seholo; ho utlwahala modumo wa mebuso le wa ditjhaba tse phuthaneng hammoho; Jehova wa makgotla ke yena ya hlahlobang makgotla a dintwa tsa hae.


Jehova o futuha jwaloka mohale, o tsoha bohale jwaloka motho wa ntwa, o etsa mohoo, o phahamisa ditlatse tsa ntwa, o bontsha dira matla a hae.


Mehleng eo, Jehova o tla letsetsa dintsintsi tse phellong ya dinoka tsa Egepeta molodi, le dinotshi tse lefatsheng la Assiria.


Mme wena, o ba porofetele mantswe ana kaofela, o re ho bona: Phahameng ya hae Jehova o ya duma, leahong le halalelang la hae o tla phahamisa lentswe; o purumela ntlo ya hae; modumo o kang wa ba hatang veine o o dumisetsa baahi bohle ba lefatshe.


Jo nna! tsatsi leo ke le leholo, ha ho le leng le kang lona; ke dinako tsa tsietsi ho Jakobo; leha ho le jwalo, o tla pholoha ho tsona.


Empa Molopolli wa bona o matla, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; ruri, o tla ba ahlolela, hore a tle a nee lefatshe phomolo, a ferekanye baahi ba Babilona.


Na pelo ya hao e tla tiya, kapa a matsoho a hao a be matla ditshiung tseo ke tla sebetsa ka wena na? Ke nna Jehova ke boletseng, ke tla be ke etse.


Jo! letsatsi! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla jwaloka tshenyeho e tswang ho Ya matla wohle.


Hobane setjhaba se futuhetse lefatshe la ka, ke setjhaba se matla, se sa balweng, meno a sona ke meno a tau, se na le mehlahare e jwaloka ya tau e tshehadi.


Letsang terompeta Sione; le hlabe mokgosi thabeng ya ka e kgethehileng! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Jehova le a tla, le haufi.


Ke letsatsi la botsho le la lefifi, ke letsatsi la maru, la maru a matsho. Jwaloka mafube a meso ha a aparela dithaba, ho tla setjhaba se seholo, se matla. Ho qala tshimolohong, ha ho eso ho be se ka ka sona, mme kamora sona ha ho sa tla boela ho be teng se jwalo ho isa dilemong tse sa yena kae.


ke tla le buseletsa dilemo tse kileng tsa jewa ke bookgolane, le ke tsie, le ke marutle, le ke seongwane, kgotla la ka le leholo leo ke le rometseng hara lona.


Letsatsi le tla fetoha lefifi, le kgwedi e fetohe madi, ho eso ho tle letsatsi la Jehova le leholo, le tshabehang;


Matshwele, matshwele a teng a lehlanahlana kgohlong ya kahlolo! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla ba teng kgohlong ya kahlolo.


Jehova o tla rora Sione, a utlwahatse lentswe la hae a le Jerusalema, ho be ho thothomele lehodimo le lefatshe. Empa Jehova ke setshabelo ho setjhaba sa hae, ke qhobosheane ho bara ba Iseraele.


A re: Jehova o tla rora Sione, a phahamise lentswe la hae a le Jerusalema; makgulo a badisa a tla swaba, hlora ya Karmele e omelle.


Ho madimabe lona le hlolohetsweng tsatsi la Morena! Letsatsi la Morena le le lakaletsang? E tla ba lefifi, e seng lesedi.


Ha ke re, tsatsi la Morena e tla ba lefifi, e seng lesedi; botsho ba bosiu, e seng lesedi la motshehare?


Hobane letsatsi la Jehova la ho ahlola ditjhaba tsohle le haufi. Seo o se entseng o tla se etswa le wena, ketso tsa hao di boele hodima hlooho ya hao.


Kgalefo ya hae e ka emelwa ke mang, mme ke mang ya ka tiyang ho tukeng ha bohale ba hae? Bohale ba hae bo tsoloha jwaloka mollo, mafika a heletswa ke yena.


Empa ke mang ya ka mamellang letsatsi la ho tla ha hae? Ke mang ya ka emang ho hlaheng ha hae? Hobane o jwaloka mollo wa moqhibidisi, le jwaloka sesepa sa bahlatswi.


Balaame a porofeta hape, a re: Jo! ke mang ya tla phela, ha Modimo o se o entse hoo?


Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.


Ka baka leo, dikotsi tsa hae di tla hlaha ka tsatsi le le leng, lefu, bofifi, le tlala, mme o tla tjheswa ka mollo; hobane o matla, Modimo o mo ahlolang.


Hobane letsatsi le leholo la kgalefo ya yona le tjhabile, mme ho ka ema mang?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos