Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 46:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Tsatsi leo ho Morena, Jehova wa makgotla, ke tsatsi la tefetso, ho itefeletsa ho bao e leng dira ho yena. Lerumo le ya nne le je, le kgore, le tahwe ke madi a bona; hobane ke sehlabelo sa Morena, Jehova wa makgotla, lefatsheng la Leboya, nokeng ya Eufrate.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Lena ke tsatsi la Morena, Modimo wa mabotho, tsatsi la boiphetetso, ho dira tsa hae; sabole e tla bolaya ho fihlela madi a kganathetse, e bolaye ho fihlela madi a e tahile. Morena Modimo wa mabotho, o tla etsa sehlabelo, a se etse naheng e ka leboya ho Euferatese.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 46:10
25 Referencias Cruzadas  

Haele morena wa Egepeta, ha a ka a boela a tloha fatsheng la hae, hobane morena wa Babilona a ne a nkile naha e neng e le ya morena wa Egepeta, ho qala molatswaneng wa Egepeta, ho ya fihla nokeng ya Eufrate.


Mehla e beilweng na ha e a bolokwa ke Ya matla wohle na? Ba mo hlonephang ha ba bone matsatsi a hae keng?


Iteleleng, hobane letsatsi la Jehova le haufi, le a tla jwaloka tshenyo e rometsweng ke Ya matla wohle.


Hobane letsatsi le teng leo Jehova wa makgotla a le behetseng baikgantshi le baikgohomosi bohle, le bohle ba ikakasang hore ba tle ba kokobetswe.


Assiria o tla fediswa ke lerumo leo e seng la motho; lerumo leo e seng la motho le tla mo ja, a balehe pela lerumo, bahlankana ba hae ba etswe ba ruilweng.


ho bolela ngwaha wa mehauhelo ya Jehova, le letsatsi la diphetetso tsa Modimo wa rona; ho tshedisa ba llang kaofela,


Hobane letsatsi la tefetso le teng pelong ya ka, ngwaha wa balopollwa ba ka o se o tlile.


Basenyi ba ntse ba fihla marallaneng wohle a lefeella, hobane lerumo la Jehova le timetsa ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe; ha ho motho le a mong ya nang le kgotso.


Tsebisang Egepeta, le bolelle Migdole; le bolelle Nofe le Takpanese, le re: Ema, o itokise, hobane lerumo le se le eja ka mathokong a hao.


Bakeng sa Egepeta, le bakeng sa makgotla a Faro-Neko, morena wa Egepeta, a neng a le pela noka ya Eufrate, Karkemishe, ao Nebukadresare, morena wa Babilona, a kileng a a bolaya selemong sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda.


Ya leng lebelo a se ke a baleha, le mohale a se ke a phonyoha; ka nqa leboya lebopong la noka ya Eufrate, ba thekesela, ba wela teng.


Tshelang ditlatse ho yena, le ntse le mo teetse hare. O otlolla matsoho a hae; metheo ya hae e a sisinyeha, marako a hae a heleha, hobane ke phetetso ya Jehova; le iphetetse ho yena; kamoo a ileng a le etsa kateng, le mo etse jwalo.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya kgalemela morena wa Babilona le lefatshe la hae, jwalokaha nkile ka kgalemela morena wa Assiria.


Balehang Babilona, ho pholose e mong le e mong bophelo ba hae, esere le ka timela ka bokgopo ba hae, hobane nako ya tefetso ya Jehova ke yona eo, o ya busetsa moputso ho yena.


Wena mora motho, porofeta, o re: Morena Jehova o bolela bakeng sa bana ba Ammone le bakeng sa dinyefolo tsa bona. Ere: Lerumo, lerumo le pshemotswe, le bentsheditswe ho bolaya, le ho qeta, le ho hadima.


Jo! letsatsi! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla jwaloka tshenyeho e tswang ho Ya matla wohle.


Letsang terompeta Sione; le hlabe mokgosi thabeng ya ka e kgethehileng! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Jehova le a tla, le haufi.


Dipere tsa koloi e nngwe, e leng tse ntsho, di tswela lefatsheng la Leboya, tse tsweu di latela mehlaleng ya tsona, tse phatswa di tswela lefatsheng la Borwa;


Hobane matsatsi ao ke a tefetso, hore tsohle tse ngodilweng di phethahale.


Ke tla tahisa metsu ya ka madi, mme lerumo la ka le tla ja nama, e leng madi a ba bolawang, le a ba hapilweng, le a dihlooho tsa marena a dira.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos