La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jobo 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Jobo a re ho yena: O bua jwaloka lewatla ha le bua. Na re tla amohela tse molemo letsohong la Modimo, re se ke ra amohela tse mpe na? Tabeng tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe ka molomo wa hae.

Ver Capítulo

BIBELE

Empa Jobo a re ho yena: “O bua jwaloka mosadi ya sethoto! Na re ka amohela tse molemo feela tse tswang ho Modimo, yaba ha re amohele tse bohloko?” Ho tsena tsohle, Jobo ha a a ka a etsa sebe ka seo a se buileng.

Ver Capítulo



Jobo 2:10
30 Referencias Cruzadas  

A re ho Adama: Erekaha o utlwile lentswe la mosadi wa hao, mme wa ja sefate seo ke o laetseng sona, ka re: O se ke wa se ja; lefatshe le rohakilwe ke hona ka baka la hao, mme o tla ja tsa lona ka thata, ka matsatsi wohle a ho phela ha hao;


Ke tla isa dihlong tsa ka kae? Le wena, o ka ba ntho e kang le leng la mahlanya a Iseraeleng. Bua le morena, a ke ke a o hanela le nna.


Davida a re: Ke na le taba efe le lona, bara ba Tseruja, hore le ipee ba nkganyetsang kajeno lena na? Ana kajeno ho ka bolawa motho Iseraeleng na? Ha ke re, ke tsebile kajeno hobane ke nna morena wa Iseraele na?


Hobane bohle ba ntlo ya ntate e be e se e le batho ba lokelang ho shwa pela morena, monga ka; leha ho le jwalo, o kile wa bea mohlanka wa hao hara ba jang tafoleng ya hao. Ke sa na le tokelo efe? Nka howeletsa ka taba efe ho morena?


Eitse hobane Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo loma, mme Davida a re ho Jehova: Ke sitilwe haholo ka seo ke se entseng. Oho Jehova, tlosa bokgopo ba mohlanka wa hao jwale; efela ke entse ka bothoto bo boholo.


Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.


Na ha o a ka wa mo sireletsa, yena le ntlo ya hae, le tsohle tsa hae, ka nqa tsohle na? Na ha o a ka wa atlisa mosebetsi wa matsoho a hae, le ho atisa mehlape ya hae lefatsheng na?


Mosadi wa hae a re ho yena: Na o sa tiiseditse tokeng ya hao na? Rohaka Modimo, mme o shwe!


Ke ne ke itse: Ke tla fadimehela ditsela tsa ka, ke tle ke se ke ka seba ka leleme la ka; ke tla bea sethibelo molomong wa ka, ha e mobe a sa ntse a le pela ka.


O suthise dikotlo tsa hao ho nna; ke fela katlasa kgalemelo ya letsoho la hao.


Ke a kgutsa, ha ke ahlamise molomo, hobane ke wena ya sebetsang.


Ka mantswe wohle a melomo ya bona ho tswa dibe. A ba ke ba tshwaswe sefing sa boikgohomoso ba bona! Ba bolela mahlapa le mashano feela.


Bowatla ke mosadi ya lerata; ha bo na pelokeletsi, ha bo na tsebo.


Le hlobohe bothoto, mme le tla phela, le tsamaye tseleng ya hlalefo.


Ka tsatsi la lehlohonolo, o iketle, mme ka tsatsi la tlokotsi, o lemohe hobane ke Modimo o entseng leno le lena, hore motho a tsebe hobane ha ho letho leo a tshwanetseng ho le lebella hamorao.


Ke mang ya ka bolelang taba e ka etsahalang, ha Morena a sa laele?


Jesu a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, o utlwa tsa batho feela.


Ba bahlano ho bona e be e le ba bohlale, ba bahlano ba bang e be e le mawatla.


Yaba Jesu o re ho Petrose: Busetsa sabole ya hao selateng; na nke ke ka nwa senwelo seo ke se neilweng ke Ntate?


Thabelang tshepong, le mamelle matshwenyehong, le tiye thapelong.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko; hobane etlare hobane a hlole moleko, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Morena a o baletseng ba mo ratang.


Hobane bohle re kgoptjwa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa kgoptjwe dipuong, eo ke monna ya phethehileng, ya ka tsebang ho busa le mmele kaofela.


Ka baka leo, Samuele a mo tsebisa taba tsohle, a se ke a mo patela letho. Ebile Eli o re: Ke Jehova, a ke a etse kamoo a ratang kateng.