Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 2:10 - BIBELE

10 Empa Jobo a re ho yena: “O bua jwaloka mosadi ya sethoto! Na re ka amohela tse molemo feela tse tswang ho Modimo, yaba ha re amohele tse bohloko?” Ho tsena tsohle, Jobo ha a a ka a etsa sebe ka seo a se buileng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Jobo a re ho yena: O bua jwaloka lewatla ha le bua. Na re tla amohela tse molemo letsohong la Modimo, re se ke ra amohela tse mpe na? Tabeng tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe ka molomo wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 2:10
30 Referencias Cruzadas  

Jwale ho Adama a re: “Kahobane o mametse polelo ya mosadi wa hao, wa ja sefate seo ke ileng ka o laela, ka re: ‘O se ke wa se ja,’ mobu o rohakehile ka baka la hao. O tla ja tse tswang ho wona ka ho sebetsa ka thata, ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.


Nka shebana le batho jwang, ke dihlong? Le wena o tla ba e mong wa banna ba kgopo naheng ya Iseraele. Ka baka lena, ako buisane le kgosi, ke a o kopa, hobane ha e ka ke ya o hanela ka nna.”


Yaba Davida o re: “Ekaba taba ya ka le lona, bara ba Seruya, ke efe, ha e le moo kajeno le se le le dira tsa ka? Ka letsatsi lena ha ho motho ya tla bolawa naheng ena ya Iseraele, hobane kajeno ke a tseba hore ke nna kgosi ya Iseraele.”


Bohle ba lelapa la ntate ba ne ba lokelwa ke ho bolawa ke monga ka, kgosi ya ka, empa o ile wa nkenya hara bao o jang le bona. Ka baka leo, ke sa na le tokelo efe, ya hore ke nne ke ipiletse ho kgosi?”


Hoba Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo ja, yaba o re ho Morena: “Ke o sitetswe haholo ka seo ke se entseng. Empa jwale ke a o rapela, Morena: Ako hlakole bokgopo bona ba mohlanka wa hao, hobane ke sebeditse ka bothoto bo boholo.”


Morena o bona tsohle tse lefatsheng, ho matlafatsa le ho thusa ba mo tshepang ka dipelo tsohle tsa bona. Empa mona teng o sebeditse ka bothoto; ka baka leo, ho tloha jwale o tla lweba kahara ntwa.”


Ha ke re ke hobane wena o mo hahetse lerakonyana le mo sireletsang, mmoho le ba lelapa la hae, le tsohle tseo a nang le tsona? O atlehisitse mosebetsi wa matsoho a hae, mme naheng yohle ho tletse mehlape ya hae!


Jwale mohatsa hae a re ho yena: “Na o sa ntsane o tiiseditse ho tshepahaleng hoo ha hao? Rohaka Modimo, o tswe o eshwa!”


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.


Ke jwaloka semumu, ha ke na puo, hobane ke wena ya sebetsang.


Ntopolle ditlolong tsa ka tsohle, se nketse sesomo ho dithoto.


O se ke wa ba bolaya, esere tjhaba sa heso sa lebala; o ba qhale ka matla a hao, o ba dihe, wena Morena, thebe ya rona.


Bothoto bo ka mosadi, mosadi ya lerata haholo: Ha a tsebe letho, ke tseketseke.


Furallang ba se nang tsebo le tle le phele, le tsamaye tseleng ya kutlwisiso.


Mohla tsatsi la thabo nyakalla le wena, mohla tsatsi la mahlonoko ako hopole sena: Matsatsi ana, bobedi, a entswe ke Modimo; kahoo tsa kamoso motho a ke ke a di tseba.


Ya ka bolelang ntho, ya etsahala, ke mang, haeba ntho eo e sa laolwa ke Morena?


Empa Jesu a retelehela ho Petrose, a re: “Tloha ho nna, Satane! O sekgopi ho nna, kahobane ha o hopole tsa Modimo, o hopola tsa botho!”


Ba bahlano ba bona e ne e le dithoto, ba bahlano e le ba bohlale.


Empa Jesu a re ho Petrose: “Busetsa sabole selateng; na ha nka ke ka nwa senwelo seo Ntate a nneileng sona na?”


Thabang ka baka la tshepo ya lona, mamellang matshwenyehong, tiisetsang thapelong.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.


Bohle re wela diphosong hangata. Haeba e mong a sa fose ka dipuo tsa hae, eo ke motho ya phethehileng, ya tsebang ho itshwara bothong bohle ba hae.


Samuele a mmolella tsohle, a se ke a mo patela letho. Eli a re: “Eo he, ke Morena. Ha a ke a etse seo a bonang se lokile mahlong a hae.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos