Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 2:11 - BIBELE

11 Ha metswalle e meraro ya Jobo, e leng Elefase ya tswang Temana, le Biledade ya tswang Shua, le Sofara ya tswang Naama, e utlwela tsena tsohle tse bohloko tse mo hlahetseng, ya mo etela; motho ka mong a etswa hahabo. Banna bana ba ne ba dumellane hore ba tle mmoho, ho tla lla le yena, le ho mo tshedisa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Metswalle ya Jobo e meraro ya utlwa kotsi yohle eo a wetsweng ke yona, e le Elifase wa Themane, le Bildade wa Shua, le Tsofare wa Naama; ba tloha ha habo bona, mme ba kopanya dipuo ho tla hammoho ho utlwela Jobo bohloko le ho mo tshedisa.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 2:11
34 Referencias Cruzadas  

Mosadi enwa a mo tswalla Simerane, le Jokoshane, le Medane, le Midiane, le Jishebaka, le Shua.


Bara ba Elefase e ne e le Temana, le Omare, le Sefo, le Gatame, le Kenase.


Ana ke mahosana a bara ba Esau. Bara ba Elefase, letsibolo la Esau, ke bo-kgosana Temana, le Omare, le Sefo, le Kenase,


Jobaba a shwa, me Hushame wa naheng ya Batemana, a busa bakeng sa hae.


Bara ba hae bohle, le baradi ba hae bohle, ba ema ka maoto ho mo tshedisa, empa a se ke a tshediseha, a mpa a re: “Ke tla theohela Nqalong ya Bafu, ho mora wa ka, ke ntse ke lla.” Kahoo ntatae a mo llela.


Bana ke bara ba Ketura, mosadi wa lefielo wa Aborahama. Ketura a tswala Simerane, le Jokoshane, le Medane, le Midiane, le Jishebaka, le Shua. Bara ba Jokoshane ke Sheba le Dedane.


Ha Jobabe a eshwa, Hushame, wa naha ya Batemane, a mo hlahlama.


Ntata bona Efraime a ba llela ka nako e telele, mme bana babo ba tla ho tla mo tshedisa.


Jwale Sofara wa Monaama a araba, a re:


Lona le baqapi ba mashano a se na ditswako, kaofela ha lona le bo-ngakana-kea-hetla.


Yaba Elefase ya tswang Temana o a araba, o re:


“Tse kang tsena ke di utlwile hangata; lona bohle le batshedisi ba tenang motho!


Ha e le metswalle ya ka e a ntshoma, keledi tsa ka di keleketlela ho Modimo.


Yaba Biledade ya tswang Shua o a araba, o re:


Ba ntshanang se inong le nna ba a nnyonya, ke furaletswe le ke baratuwa ba ka.


“Nkgauheleng! Nkgauheleng! lona metswalle ya ka! ke otlilwe ke Modimo ka tsoho la hae!


Jwale Elefase ya tswang Temana a araba, a re:


Jwale bana babo kaofela, le dikgaitsedi tsa hae kaofela, le bohle ba neng ba tsebana le yena pele ho mona ba tla ho yena. Ba fihla ba eja dijo le yena, ba le ka tlung ya hae, ba mo tshedisa malebana le bobe bohle boo Morena a ileng a mo tlisetsa bona. Motho ka mong wa bona a mo nea tjhelete ya kesita, le reng ya kgauta.


Yare hoba Morena a qete ho bua mantswe ana ho Jobo, a re ho Elefase ya tswang Temana: “Wena le metswalle ya hao e mmedi ke le halefetse haholo. Ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.


Yaba bo-Elefase ya tswang Temana, le Biledade ya tswang Shua, le Sofara ya tswang Naama, ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng, mme Morena a ananela thapelo ya Jobo.


“Ya nyahameng pelo eka kgona a hauhelwe, ke metswalle, leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle.


Baeti ba tswang Tema ba batla metsi, bahwebi ba Sheba ba batla ka letshepa;


Jwale Biledade ya tswang Shua a araba, a re:


Motswalle o na le lerato kamehla, ngwanabo motho o tswaletswe ho thusa, ho thusa mohla tsatsi la ditsietsi.


Metswalle mmotwana e isa motho timelong, wa sebele yena o tshepahala ho feta ngwanabo motho.


Se furalle motswalle wa hao kapa wa ntatao, ha o le bothateng, se itlwaetse ho ya ha ngwaneno; motswalle ya haufi o na le thuso, ho feta ngwaneno ya hole.


Koduwa tse pedi tsena di o wetse hodimo; ya ka o tshedisang ekaba ke mang? O wetse ke tshenyeho le tahleho, o wetswe ke sekoboto le sabole; ya ka o thobang pelo ekaba ke mang?


Malebana le Baedomo Morena o bua tjena: “Na ebe Temana ha ho sa na bohlale? Na ba bohlale ha ba sa na dikeletso? Na bohlale ba bona bo se bo fedile?


Wena Temana, bahlabani ba hao ba tla thothomela, bohle ba bolawe, ba bolaelwe thabeng ya Esau.


Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le Maria, ho ba tshedisa ka kgaitsedi ya bona.


Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.


Haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa ha se seng se roriswa, tse ding tsohle di thaba le sona.


Hopolang ba ditlamong, jwaloka hoja le le ditlamong le bona; esita le ba hlekefetswang, hobane le lona le sa phela lefatsheng.


le Gederote, le Bete-Dagone, le Naama, le Makeda. Metse ena e ne e le leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos