Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 3:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ka baka leo, Samuele a mo tsebisa taba tsohle, a se ke a mo patela letho. Ebile Eli o re: Ke Jehova, a ke a etse kamoo a ratang kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Samuele a mmolella tsohle, a se ke a mo patela letho. Eli a re: “Eo he, ke Morena. Ha a ke a etse seo a bonang se lokile mahlong a hae.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 3:18
18 Referencias Cruzadas  

Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?


Etsa ka senna, o iphe matla ho lwanela setjhaba sa heso le metse ya Modimo wa rona, mme Jehova a ke a etse kamoo a ratang kateng.


Le mohlomong, leha a ka bolela hore ha a kgahlwe ke nna, ke nna enwa, a ke a etse ka nna kamoo a ratang kateng.


Yaba Esekiase o re ho Esaia: Taba ena ya Jehova e ntle eo o e boletseng. A ntoo re: Na ha ho jwalo, ha kgotso le boiketlo di ka ba teng tshiung tsa ka na?


O iphe matla, mme re etseng ka senna sebakeng sa setjhaba sa heso le sa metse ya Modimo wa rona, mme Jehova a ke a etse kamoo a ratang kateng.


Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.


Jobo a re ho yena: O bua jwaloka lewatla ha le bua. Na re tla amohela tse molemo letsohong la Modimo, re se ke ra amohela tse mpe na? Tabeng tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe ka molomo wa hae.


Ke a kgutsa, ha ke ahlamise molomo, hobane ke wena ya sebetsang.


Yaba Jehova o theohela lerung, a ema teng le yena, a bolela lebitso la Jehova.


Yaba Esekiase o re ho Esaia: Lentswe la Jehova leo o le boletseng le molemo. A eketsa a re: Kgotso e tla ba teng le boiketlo, ha ke ntse ke phela.


Moporofeta Jeremia a bolella Tsedekia, morena wa Juda, mantswe ao kaofela Jerusalema.


Yaba morena Tsedekia o romela ho lata moporofeta Jeremia, a mmiletsa ho yena monyakong wa boraro wa ntlo ya Jehova. Yaba morena o bolella Jeremia, a re: Ke sa o botsa taba, o se ke wa mpatela letho.


Yaba moporofeta Jeremia o ba bolella, a re: Ke a utlwa; bonang, ke tla le rapella ho Jehova, Modimo wa lona, ka mantswe a lona, mme ke tla le tsebisa lentswe le leng le le leng leo Jehova a tla le araba ka lona; nke ke ka le lobela letho.


Na motho ya phelang a ka itshena na? Motho a mpe a ipelaetse ka sebe sa hae!


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


Ka baka leo, le ke le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, o tle o le phahamise nakong e tshwanelang.


Bana ba Iseraele ba re ho Jehova: Re sitilwe; etsa ka rona kahohle kamoo o ratang kateng; feela, o re namolele kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos