Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 24:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Eitse hobane Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo loma, mme Davida a re ho Jehova: Ke sitilwe haholo ka seo ke se entseng. Oho Jehova, tlosa bokgopo ba mohlanka wa hao jwale; efela ke entse ka bothoto bo boholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Hoba Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo ja, yaba o re ho Morena: “Ke o sitetswe haholo ka seo ke se entseng. Empa jwale ke a o rapela, Morena: Ako hlakole bokgopo bona ba mohlanka wa hao, hobane ke sebeditse ka bothoto bo boholo.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 24:10
27 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida o re ho Nathane: Ke sitetswe Jehova. Nathane a re ho Davida: Le yena Jehova o se a fetisitse sebe sa hao, o ke ke wa shwa.


Davida, ha a bona lengeloi le bolayang setjhaba, a bolella Jehova, a re: Bona, ke nna ke entseng hampe; nku tseo tsona di entseng? Tsoho la hao le otle nna le ntlo ya ntate!


Etlare ha mahodimo a thibane, pula e sa ne ka baka la hobane ba o sitetswe, ha ba rapela nqalong ena, ba rorisa lebitso la hao, mme ba baka dibeng tsa bona, ha o ba otlile,


Taba eo ya eba mpe mahlong a Modimo, mme a otla Iseraele.


Davida a re ho Modimo: Ke sitilwe haholo ka seo ke se entseng. Empa jwale, oho, tlosa bokgopo ba mohlanka wa hao, hobane ke entse ka bothoto bo boholo.


Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.


Empa Esekiase a ikokobetsa boikakasong ba pelo ya hae, e le yena le baahi ba Jerusalema, mme kgalefo ya Jehova ha e a ka ya tla ho bona mehleng ya Esekiase.


Ha o ntshwarele tshito ya ka keng, wa tlosa bokgopo ba ka na? Hobane ke se ke ya robala leroleng; o tla mpatla, mme ke tla ba siyo.


Ka ba ka o bolella sebe sa ka, mme ha ke a ka ka pata bokgopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlola ha ka ho Jehova; mme wa hlakola bokgopo ba sebe sa ka. (Sela.)


Yaba Faro o phakisa a bitsa Moshe le Aarone, a re: Ke sitetswe Jehova, Modimo wa lona, le lona.


Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.


Inkeleng dipolelo, le kgutlele ho Jehova, le re ho yena: Tlosa dibe tsohle, o amohele ho hotle, re o lebohe ka mahlabelo a maleme a rona.


Athe le jwale, ho bolela Jehova, oho, kgutlelang ho nna ka pelo tsohle tsa lona, ka ho itima dijo, le ka dillo, le ka maikwahlayo.


Yaba Aarone o re ho Moshe: Oho, monga ka, ke a o rapela, o se ke wa bea hodima rona sebe seo re se entseng ka bowatla, seo re sitilweng ka sona.


le dikutso, le takatso ya leruo, le lonya, le thetso, le bohlola, le mahlo a tadimang hampe, le dinyefolo, le boikgohomoso, le bohlanya.


Ka hosasane, Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe.


Eitse hobane ba utlwe polelo eo, ba kgalemelwa ke matswalo a bona, mme ba tswa ba salane morao, ho qala ka ba baholo ho qetella ka ba morao; mme Jesu a siuwa a nnotshi, mosadi a ntse a eme hare.


Setjhaba se se nang kelello, se hlokang bohlale, na ke hona hoo le putsang Jehova ka hona na? Na hase yena ntatao, ya o ruileng, ya o entseng, ya o tiisitseng na?


Hobane le rona kgale re ne re le dithoto, re le ba hanang ho utlwa, ba lahlehileng, ba buswang ke ditakatso le ke dikgahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tshwanetseng ho hlouwa, ba hloyanang.


Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o a tshepeha, o lokile, hore o re tshwarele dibe, mme o re hlatswe bokgopo bohle.


Samuele a re ho Saule: O entse ka bothoto, ha o sa ka wa boloka taelo ya Jehova, Modimo wa hao, eo a o laetseng yona; athe Jehova a ka be a tiisitse borena ba hao Iseraeleng ka ho sa feleng.


Kamorao, pelo ya Davida ya hlabeha ka baka la hobane a sehile moleka wa kobo ya Saule.


A re ho banna ba hae: Jehova a nkganele, ke se ke ka etsa taba e jwalo ho monga ka, motlotsuwa wa Jehova, ka isa letsoho la ka ho yena, etswe e le motlotsuwa wa Jehova.


Ebile Saule o re: Ke sitilwe; boya, Davida, mora ka, hobane ha ke sa tla hlola ke o etsa hampe, ka baka la hobane bophelo ba ka bo bile thata mahlong a hao kajeno lena; bona, ke entse ka bothoto, ke fositse haholoholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos