Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 3:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hobane bohle re kgoptjwa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa kgoptjwe dipuong, eo ke monna ya phethehileng, ya ka tsebang ho busa le mmele kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Bohle re wela diphosong hangata. Haeba e mong a sa fose ka dipuo tsa hae, eo ke motho ya phethehileng, ya tsebang ho itshwara bothong bohle ba hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Hobane bohle re kgopisa bohle. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe puong, eo ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle ka tōmo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Hobane bohle re kgopisa bohle. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe puong, eo ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle ka tōmo.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 3:2
29 Referencias Cruzadas  

Mohla ba sitelwang, kamoo ho seng motho ya sa sitweng kateng, mme o ba halefetse, o ba neetse direng tsa bona, hore ba iswe kgolehong, naheng ya dira, kapa e leng hole, kapa e leng haufi;


Mohla ba o sitelwang, kamoo ho seng motho ya sa sitweng kateng, ha o ba halefetse, o bile o ba neetse direng tsa bona, hore ba iswe kgolehong naheng ya dira kapa e leng e hole, kapa e leng e haufi;


ha o tsohela Modimo bohale, ha molomo wa hao o ntsha dipolelo tse jwalo?


tshabisa leleme la hao bolotsana, o phemise melomo ya hao dipolelo tsa ho thetsa;


Ke ne ke itse: Ke tla fadimehela ditsela tsa ka, ke tle ke se ke ka seba ka leleme la ka; ke tla bea sethibelo molomong wa ka, ha e mobe a sa ntse a le pela ka.


Dipolelong tse ngata, tshito ha e hlokwe; ka baka leo, ya itshwarang molomo o bohlale.


Ya itebelang molomo o boloka moya wa hae; empa ya ntseng a bua haholo o tla wela timelong.


Ke mang ya ka reng: Ke itlhwekisitse pelo, ke hlatswehile bobe ba ka?


Ya ipolokang molomo le leleme o tshabisa moya wa hae mahlomola.


Kannete, ha ho motho ya lokileng lefatsheng ya ntseng a etsa hantle, a sa tshohe a etsa sebe.


Athe kaofela ha rona re fetohile ntho e ditshila, ho loka ha rona kaofela ho jwaloka kobo e ditshila haholo, re ponne kaofela jwaloka mahlaku, makgopo a rona a ya le rona jwaloka sefefo.


mme moprista ha tadimisisa, a fihlela hore matheba a letlalong la mmele wa hae a bosweu bo fifetseng, ke matheba feela a itlhahetseng letlalong; o hlwekile.


Madinyane a marabe, le ka bolela taba tse molemo jwang, le ena le lonya? Hobane molomo o buiswa ke seo pelo e tletseng sona.


Hobane o tla bewa ya lokileng ka dipolelo tsa hao, mme ka dipolelo tsa hao o tla tsuwa.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ha ho ya lokileng, leha a le mong;


Ke moo ke fumanang molao ka ho nna ya ratang ho etsa botle, wa hore bobe bo nkgomaretse.


ke mpa ke laya mmele wa ka, ke ithapisetsa wona; esere mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, nna ka fumanwa ke sa lokelwa ke ho amohelwa.


Empa Lengolo le hlahletse batho bohle sebeng, hore pallo e tle e newe badumedi ka ho dumela ho Jesu Kreste.


Hobane nama e na le ditakatso tse lwantshang Moya, mme le wona Moya o na le ditakatso tse lwantshang nama; mme ntho tseo di emellane ho lwantshana, hore le tle le se ke la etsa tseo le di ratang.


Ke yena eo re mmolelang, re ntse re tsosa batho bohle, mme re ruta batho bohle bohlale bohle, re tle re hlahise batho bohle pela Modimo, e le baphethehi ka ho Jesu Kreste.


Epafrase wa ha heno, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa; o ntse a le lwanela kamehla merapelong ya hae, hore le ke le eme le phethehile, mme le kgodise ka ho etsa ho rata hohle ha Modimo.


o ke o le bopele mesebetsi yohle e metle, le tle le etse thato ya wona, mme le wona o etse ka ho lona se o kgahlisang ka Jesu Kreste, eo re reng: Kganya e be ho yena ka ho sa feleng! Amen!


Ekare ha e mong hara lona a lekanya hoba o na le borapedi, mme a sa tlame leleme la hae, a mpa a ithetsa pelo, borapedi ba motho eo ke ba lefeela.


mme mamello e ka kgona e phethehe tshebetsong ya yona, le tle le be ba phethehileng, ba hodileng ruri, bao ho sa hlokweng letho ho bona.


Hobane leha e mong a ka boloka melao yohle, a mpa a tlola o le mong feela, eba o se a ikentse ya molato ho yona yohle.


Hobane ya lakatsang ho rata ho phela le ho bona matsatsi a monate, e ka kgona a kganne leleme la hae bobeng, le melomo ya hae puong tsa thetso;


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng ka Jesu Kreste ho rua kganya ya wona e sa feleng, ha le se le utlwile bohloko ka ditshiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos