Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 3:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Bonang, re kenya ditomo ka hanong ho dipere, hore di tle di re utlwe, mme re tsamaisa mmele wohle wa tsona kamoo re ratang kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ha re kenya ditomo ka melomong ya dipere, re a be re etsa hore di tle di re mamele, mme re di tsamaise kamoo re ratang kateng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Bona, re kenya ditomo melomong ya dipere, hore di tle di re utlwe; mme re fetola mmele wa bona kaofela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Bona, re kenya ditomo melomong ya dipere, hore di tle di re utlwe; mme re fetola mmele wa bona kaofela.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 3:3
7 Referencias Cruzadas  

Hobane ho nthorela ha hao, le boithoriso ba hao, bo nyolohetse tsebeng tsa ka, ke tla phunya mohala dinkong tsa hao, ke kenye le tomo ya ka ka hanong ho wena, ke o kgutlise ka tsela eo o tlileng ka yona.


Ke mang ya ka karapang makgapetla a yona? Ke mang ya ka kenang hara mehlahare ya yona?


Le se ke la ba jwaloka pere le esele tse se nang kutlwisiso, tseo, hojane e se be ka tomo eo di thapiswang ka yona, di neng di ke ke tsa o atamela.


Ke ne ke itse: Ke tla fadimehela ditsela tsa ka, ke tle ke se ke ka seba ka leleme la ka; ke tla bea sethibelo molomong wa ka, ha e mobe a sa ntse a le pela ka.


Hobane ho nthorela ha hao le boithoriso ba hao, bo nyolohetse ditsebeng tsa ka; ke tla phunya mohala dinkong tsa hao, ke kenye tomo ya ka hanong ho wena, ke o kgutlise ka tsela eo o tlileng ka yona.


Ekare ha e mong hara lona a lekanya hoba o na le borapedi, mme a sa tlame leleme la hae, a mpa a ithetsa pelo, borapedi ba motho eo ke ba lefeela.


Bonang le tsona dikepe; leha di le kgolo hakalo, mme di fefolwa ke meya e bohale, di fetolwa ka lemati le lenyenyane, mme di ye hohle moo thato ya motsamaisi wa tsona e hopotseng teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos