Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Banabeso, le se ke la ipea baruti kaofela, le tswe le tseba le tseba hobane ke moo re tla hlahelwa ke kahlolo e fetisang ka bothata.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Bana beso, le se ke la iketsa baruti kaofela, kaha le a tseba hore rona re tla ahlolwa haboima ho feta.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Bana beso, le se ke la ba baruti ba bangata, le ntse le tseba hobane re tla fumana kahlolo e fetisang ka boholo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Bana beso, le se ke la ba baruti ba bangata, le ntse le tseba hobane re tla fumana kahlolo e fetisang ka boholo.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 3:1
30 Referencias Cruzadas  

Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


Tlung ya motho ya etsang jwalo, Jehova o tla kgaola ditenteng tsa Jakobo ya fadimehang, le ya arabang, le ya hlahisang sehlabelo ho Jehova wa makgotla.


Morutuwa ha a moholo ho moruti wa hae, le mohlanka ha a moholo ho morena wa hae.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, le ba etsetsa merapelo e melelele; ka baka leo, le tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.


Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Na moruti wa lona o jelang le balekgetho le baetsadibe?


Yaba o e bitsa, a re ho yona: Taba tseo tsa hao tseo ke di utlwang ke dife. Hlahisa tsa bolebedi ba hao; hobane o ke ke wa hlola o eba molebedi wa ntho tsa ka.


Hape, se ahloleng, le tle le se ke la ahlolwa; le se ke la tswa, le tle le se ke la tsuwa; rekolohelang, mme le tla rekolohelwa;


Jesu a araba, a re ho yena: Wena o moruti wa Iseraele, mme ha o tsebe taba tseo!


Baporofeta le baruti ba bang ba ne ba le teng Antioke, kerekeng ya teng Antioke, e le Barnabase, le Simone, ya reilweng Nigere, le Lusiuse, wa Sirene, le Manahene, ya neng a hodisitswe le Heroda moteterareke, le Saule.


Mme bao Modimo o ba beileng kerekeng, pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti, ho ntoo ba ba mehlolo, le dineo tsa phodiso, le ditshebeletso, le ditsamaiso, le mefuta ya dipuo.


Hobane e ka kgona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le mmeleng, leha e le se setle, leha e le se sebe.


Mme esale yena ya beileng ba bang baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba Evangeli, ba bang badisa le baruti,


Ba rata ho ba baruti ba molao, mme ha ba utlwisise tseo ba di bolelang, leha e le tseo ba di tiisang.


boo ke beilweng mmoledi le moapostola ka baka la jona — ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano — le moruti wa baditjhaba ho ba isa tumelong le nneteng.


eo ke beilweng mmoledi le moapostola wa yona, le moruti wa ditjhaba.


Utlwang badisa ba lona, mme le ipee katlase ho bona, hobane bona ba fadimehela meya ya lona, etswe ba tla e botswa; ba utlweng, hore ba etse hona ka thabo, e seng ka hlomoho; hobane hoo ho ke ke ha le hlahisetsa molemo.


Le se ke la thetseha, banabeso ba ratwang.


Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;


Molomong o le mong ho tswa poko le thohako! Banabeso, taba ha di a tshwanela ho dula jwalo.


e seng ka ho busa mehlape ya lona ka thata, e mpe e be ka ho etsetsa mohlape mehlala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos