Jeremia 51:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane Iseraele le Juda ha ba ka ba lahlwa ke Modimo wa bona, e leng Jehova wa makgotla, mme lefatshe la Bakalde le tletse melato pontsheng ya Mohalaledi wa Iseraele. BIBELE Baiseraele le Bajuda ha ba a furallwa ke Modimo, Modimo wa bona, Morena mabotho, le hoja naha ya bona e tletse melato, melato e sitetsweng Ya Halalelang wa Iseraele. |
Hape, Manasse a tsholla madi a mangata a se nang molato, a tlatsa Jerusalema ka wona kahohle; ho sa bolelwe sebe sa hae seo a sebesitseng Juda ka sona, kamoo a nnileng a etsa kateng, ho leng hobe mahlong a Jehova.
Efela re bafo; empa le bofong ba rona, Modimo wa rona ha o a ka wa re lahla, wa mpa wa re fumantsha mohau ho marena a Persia, hore o tle o boele o re pholose, mme ntlo ya Modimo wa rona e tle e hahuwe, le dithako tsa yona di tle di tsoswe, e le hore re boele re rue lerako Juda le Jerusalema.
Elellwa teng, Jakobo; le wena Iseraele; hobane o mohlanka wa ka; ke o bopile; o mohlanka ho nna, Iseraele, ha o ka ke wa lebalwa ke nna.
Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya fuduang lewatle, maqhubu a lona a be a dume: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.
Ba tla bitswa setjhaba se halalelang, balopollwa ba Jehova, mme wena, o tla bitswa motse o hlokwang haholo, o sa kang o tlohelwa.
Na o lahlile Juda ruri, kapa pelo ya hao e tennwe ke Sione na? O re otlile keng, ho se phodiso ho rona? Re lebeletse kgotso, empa ha re bone molemo; le nako ya phodiso, empa bonang, ho a tshabeha.
Na o rata keng ho ba jwaloka motho ya maketseng, jwaloka senatla se sitwang ho pholosa? Kanthe Jehova, o ntse o le hara rona, lebitso la hao le ntse le bitswa hodima rona; o se ke wa re tlohela.
Pele, ke tla ba lefetsa bokgopo ba bona le sebe sa bona habedi, hobane ba hlile ba silafaditse lefatshe la ka, ba tlatsitse lefa la ka ka ditopo tsa mahlabelo a bona a ditshila le a manyala.
Erekaha ba ntlhobohile, ba ngadile nqalo ena, mme teng dibano ba di tjheseditse medimo esele e sa kang ya tsejwa ke bona le ke bontata bona le ke marena a Juda, mme ba tlatsitse nqalo ena ka madi a se nang molato;
Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla bakeng sa baporofeta bao: Bonang, ke ya ba jesa lengana, ke ba nose metsi a mahloko, hobane ka baporofeta ba Jerusalema bonyefodi bo hlile bo tswetse pele lefatsheng lohle.
Ho itswe ke Jehova: Ha mahodimo a hodimo a ka lekanngwa, le yona metheo ya lefatshe e katlase e ka fihlelwa, ke moo ke tla lahla leloko lohle la Iseraele ka baka la tsohle tseo ba di entseng, ho bolela Jehova.
Wena, o se ke wa tshaba, mohlanka wa ka, Jakobo, ho bolela Jehova, hobane ke na le wena, hobane ke tla fedisa ditjhaba kaofela tseo ke o qhalanyeditseng hara tsona; ha e le wena, nke ke ka o fedisa, ke tla o kgalemela ka tekanyo; leha ho le jwalo, ke sitwa ho o lesa o sa lauwe.
Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, ho tla batlwa bokgopo ba Iseraele, mme bo tla ba siyo; le sebe sa Juda, mme ha se ka ke sa fumanwa; hobane ke tla tshwarela bao ke ba siileng.
Eo e leng kabelo ya Jakobo ha a jwaloka tseo, ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke kabelo ya lefa la hae: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.
A re ho nna: Mora motho, na o bone na? Na ke ntho e nyenyane hore ba ntlo ya Juda ba etse manyala a etswang ke bona mona, haele moo ba tlatsitse lefatshe ka bothata, mme ba ntse ba nkgalefisa na? O ka bona, ba isa lekala la morara dinkong tsa bona.
A re ho nna: Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ya Juda bo boholo haholoholo, lefatshe le tletse madi a tsholotsweng, mme motse o tletse lonya, hobane ba re: Jehova o furaletse lefatshe lena, Jehova ha a bone.
Athe palo ya bara ba Iseraele e tla ba jwaloka lehlabathe la lewatle le se nang ho lekanngwa, leha e le ho balwa, mme moo ho itsweng ho bona: Ha le setjhaba sa ka, teng ba tla bitswa: Bara ba Modimo o utlwang.
Bitsang banababo lona Ammi (seo e leng tjhaba sa ka), le kgaitsedi tsa lona Ruhama (ya hauhetsweng).
ke se tsohe ke mo hlobodisa, ka mo tlohela a le feela jwaloka mohla a tswalwang, ka mo etsa ya kang sebataolo, a ba jwaloka lefatshe le omileng, ka ba ka mmolaya ka lenyora.
Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.
Ho a hlapanngwa, ho a thetswa, ho a bolawa, ho a utsuwa, ho a fejwa, ho tsohelwa batho matla, mme madi a ntse a tshollwa hodima madi a mang.
Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.
O tla nea Jakobo nnete, o nee Abrahama mohau oo o o baletseng bontata rona ka kano, esale mehleng ya tshimoholo.
Ka tsatsi leo, ke tla fetola mahosana a Juda, a be jwaloka sebopi sa mollo hara dipatsi, le jwaloka serumula sa mollo hara mangata a koro, mme a tla ja ka ho le letona le ka ho le letshehadi ditjhaba tsohle tse kamathoko; haele Jerusalema, o tla nne a dule setsheng sa hae, Jerusalema.
Ka tsatsi leo, Jehova o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, mme e leng ya kgoptjwang hara bona, tsatsing leo, o tla ba jwaloka Davida, ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Jehova kapele ho bona.
Jehova o tla rua Juda, e be kabelo ya hae naheng e kgethehileng; o sa tla ikgethela Jerusalema.
Ha ho le jwalo, le Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, ka baka la lebitso la hae le leholo; hobane ho kgahlile Jehova ho le etsa setjhaba sa hae.