Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 51:5 - BIBELE

5 Baiseraele le Bajuda ha ba a furallwa ke Modimo, Modimo wa bona, Morena mabotho, le hoja naha ya bona e tletse melato, melato e sitetsweng Ya Halalelang wa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane Iseraele le Juda ha ba ka ba lahlwa ke Modimo wa bona, e leng Jehova wa makgotla, mme lefatshe la Bakalde le tletse melato pontsheng ya Mohalaledi wa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:5
37 Referencias Cruzadas  

Ke tla phela hara bana ba Iseraele, mme nke ke ka furalla setjhaba sa ka sa Iseraele.”


Kantle ho sebe seo a entseng hore ba morabe wa Juda ba se etse, Manase o entse bobe mahlong a Morena, a tsholla madi a mangata a se nang molato, hoo a ileng a phalla kahohle motseng wa Jerusalema.


Re ne re le makgoba, empa Modimo wa rona ha a a ka a re tlohela bokgobeng boo ba rona; o entse hore dikgosi tsa Peresiya di re hauhele, re tsohe molota, re tle re hahe Tempele ya Modimo wa rona, re e lokise moo e senyehileng teng, ho sireletswe Juda le Jerusalema.


Morena a ke ke a furalla tjhaba sa hae, a ke ke a lahla bao e leng lefa la hae.


“Hopola ntho tsena, wena Jakobo, wena Iseraele, hobane o mohlanka wa ka; ke o bopile, o mohlanka wa ka, wena Iseraele, ha nka ke ka o lebala.


“Ke nna Morena Modimo wa hao, ya fuduhang lewatle hore maqhubu a lona a hwase; Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.


Ba tla bitswa tjhaba se halalelang, ba bitswe balopollwa ba Morena; wena o tla bitswa Mpatlwane, o bitswe motse o sa furallwang.


“Na o fela o lahlile Juda ho hang? na o fela o se o nyonya Sione? Ke hobaneng ha o re otlile, re se na pheko? Re ne re lebeletse kgotso, empa molemo ha re o fumane; re ne re lebeletse nako ya ho fodiswa, empa re bona ditsietsi feela!


Ke hobaneng o kang motho ya tsielehileng? O kang senatla se sitwang ho re pholosa? Oho, Morena, wena o hara rona, wena o itse re setjhaba sa hao; oho, se re furalle ke hona!


Ke tla ba otlela bokgopo ba bona le dibe tsa bona habedi, hobane ba silafaditse naha ena ya ka, ba e tlatsa dikoqo tse omeletseng tsa medimo ya bona ya bohata, e nyonyehang.”


Ke hobane ba mphuraletse, ba silafaditse sebaka sena, ba tjhesetsa mokubetso ho sona, ba o tjhesetsa medimo esele, eo bona le bo-ntata bona, kapa dikgosi tsa Juda, ba sa kang ba e tseba, mme sebaka sena ba se tlatsa madi a se nang molato.


Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena malebana le baporofeta: “Bonang, ke tla ba nwesa lengana, ke ba nwese metsi a babang sa leshokgwa, hobane ho silafala ho tletseng kahara naha ke ho tswang ho baporofeta, baporofeta ba Jerusalema.”


Morena o bua tjena: “Haeba mahodimo a hodimo a ka lekanngwa, le metheo ya lefatshe e ka fihlelwa, ke tla furalla ditloholo tsohle tsa Iseraele, ka baka la tsohle, tseo di di entseng,” ho rialo Morena.


Wena mohlanka wa ka Jakobo, o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena,” ho rialo Morena. “Ditjhaba tsohle ke tla di timetsa, ditjhaba tseo ke o leleketseng hara tsona, empa wena ha o ka ke wa timella ruri; ke tla o ahlola, feela e le ka toka, nke ke ka o tlohela o sa ahlolwa ho hang.”


Ka matsatsi ao, le ka nako eo,” ho rialo Morena, “bokgopo ba Baiseraele bo tla batlisiswa, empa ha bo ka ke ba ba ba fumaneha; le dibe tsa morabe wa Juda di tla batlisiswa, empa le tsona ha di ka ke tsa ba tsa fumaneha, hoba masalla ao ke tla a tshwarela.”


Modimo wa Jakobo ha a tshwane le medingwana, hobane yena ke mmopi wa tsohletsohle, o kgethile Iseraele hore e be tjhaba sa hae: Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.”


Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na seo o a se bona? Ebe ke ntho e se nang taba ha ba ntlo ya Juda ba etsa manyala aa, ao ba a etsang moo? Naha ena ba e tlatsitse meferefere, ba ba ba mphephetsa hore ke be ke halefe, ba nnyedisa ka diketso tsa bona.


Jwale Morena a re ho nna: “Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda bo boholo haholo. Naha e tletse dipolao, toka ha e yo motseng ona. Ba re: ‘Morena o furaletse naha ena; Morena ha a bone.’


“Empa Baiseraele ba tla ngatafala, ba ngatafale sa lehlabathe la lewatle le ke keng la methwa leha e le ho balwa. Moo ho neng ho thwe ho bona: ‘Lona ha le setjhaba sa ka’, ho tla thwe: ‘Le bana ba Modimo ya phelang’.


“Ereng ho bana babo lona: ‘Le setjhaba sa ka’, ho dikgaitsedi tsa lona le re: ‘Moratuwa’.”


Ho seng jwalo ke tla mo tsodisa, a be poosho sa mohla a tswalwang; ke mo etse hore a ke lehwatata, ke mo fetole e be sebataolo, ke mmolaye ka ho mmolaisa lenyora.


Lona Baiseraele, utlwang ntswe la Morena! Morena o qosa baahi ba naha ena, hobane ha ho nnete, ha ho mohau, le ho tseba Modimo naheng ena ha ho eo.


Ke mahlapa, ke leshano, ke dipolao, ke boshodu, ke ho etsa bohlola! Melao yohleyohle ba a e tlola, madi a tsholoha a sa tswa tsholoha!


Ke Modimo ofe ya tshwanang le wena? Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo tsa masalla a setjhaba sa hae? Wena o Modimo ya sa halefeleng ruri, wena o Modimo ya thabelang ho hauhela.


O tla bontsha Jakobo, o mmontshe botshepehi ba hao, Aborahama le yena o mo hauhele, jwalokaha o ila wa hlapanya, wa hlapanyetsa bo-ntata rona mehleng ya kgalekgale.


“Mohla tsatsi leo, ke tla fetola baholo ba Juda, ke ba etse pitsa e hlenneng hara tetema ya mollo, e ke serumola se tukang hara mangata a koro. Ba tla bolaya ditjhaba tsohle tse e potapotileng, empa Jerusalema yona e tla sala e ntse e ena le baahi moo e leng teng.


Mohla tsatsi leo, Morena o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, e le hore ba fokolang haholo hara bona ba tle ba be jwaloka Davida, le ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Morena le ba etellang pele.


Naheng eo e halalelang Morena o tla inkela Juda, e be lefa la hae, a boele a ikgethele Jerusalema.


Morena a ke ke a furalla setjhaba sa hae, ka lebaka la lebitso la hae le leholo, hobane Morena o ratile ho le etsa setjhaba sa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos