empa wena o lahletswe kantle ho lebitla la hao, wa lahlelwa kantle sa lekala le nyatseha, topo tsa babolauwa di entse setha hodima hao, bona ba ileng ba bolawa ka sabole, bona ba ileng ba theolelwa mohohlong o majwe, ba theolelwa jwaloka setopo se hataketswe ka maoto.
Sabole e supile le dipere tsa bona, ya supa le tsona kariki tsa bona tsa ntwa; e supile bohle bao e leng melata, kaofela ha bona ba tla fetoha basadi! Sabole e supile matlotlo a Babilona, kaofela ha wona matlotlo ana a tla hapuwa!