Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 12:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ha ho le jwalo, le Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, ka baka la lebitso la hae le leholo; hobane ho kgahlile Jehova ho le etsa setjhaba sa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Morena a ke ke a furalla setjhaba sa hae, ka lebaka la lebitso la hae le leholo, hobane Morena o ratile ho le etsa setjhaba sa hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 12:22
49 Referencias Cruzadas  

Ke tla dula hara bana ba Iseraele, ke se ke ka furalla setjhaba sa ka sa Iseraele.


Jehova Modimo wa rona, ha a ke a be le rona, jwalokaha a bile le bontata rona; a se ke a re tlohela, a se ke a re furalla;


Athe Jehova o ne a sa ka a re, o tla hlakola lebitso la Iseraele tlasa mahodimo; a mpa a ba pholosa ka Jeroboame, mora Joase.


Ke tla furalla masala a lefa la ka, ke a neele matsohong a bao e leng dira ho wona, hore a fetohe tlatlapo le kgapo pela bohle bao e leng dira ho wona;


Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.


ba hana ho utlwa, mme ha ba ka ba elellwa dimakatso tsa hao tseo o ba etseditseng tsona; ba mpa ba satalatsa melala ya bona, mme boikgantshong ba bona, ba ipeela morena, ba tle ba kgutlele kgolehong ya bona. Empa wena, o Modimo o tletseng tshwarelo le mohau le lereko, o diehang ho halefa, o tletseng kgauhelo; ke kahoo o sa kang wa ba furalla.


Leha ho le jwalo, o ba bolokile ka baka la lebitso la hae, a tle a bonahatse matla a hae.


Hobane Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, a ke ke a tlohela lefa la hae;


E tla ba ka baka lang ha Baegepeta ba ka re: O ba ntsheditse ho ya ba ntsha kotsi, e le ho ya ba bolaela dithabeng le ho ba timetsa lefatsheng? Kgutla bohaleng ba kgalefo ya hao, mme o tlohele bobe boo o bo hopoletseng setjhaba sa hao.


Hobane ke tla sireletsa motse wona, ke o pholose, ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.


Mafutsana le basenyehi ba batla metsi, mme a hlokahala; maleme a bona a omeletse ke lenyora. Nna, Jehova, ke tla ba utlwa; nna Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba tlohela.


Ke tla tsamaisa difofu mmileng oo di sa o tsebeng, ke di ise ka ditsela tseo di sa di tsebeng; ke tla fetola lefifi lesedi pela tsona, le wona makukuno a fetohe lehwatata; ntho tseo ke tla di etsa, nke ke ka di tlohela.


Ke nna, ke nna ya tlosang ditlolo tsa hao ka baka la ka; ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa hao.


e leng bohle ba ipitsang ka lebitso la ka, hobane ke ba etseditse kganya ya ka; ke nna ke ba entseng, ke ba bopileng.


Ka baka la ka, la ka ka sebele, ke tla etsa hoo, hobane lebitso la ka le ka nyefolwa jwang? Nke ke ka nea e mong kganya ya ka!


Hleka mosadi a ka lebala lesea leo a le anyesang na? Na a ka lesa ho hauhela ngwana wa mala a hae na? Empa le hoja a ka mo lebala, nna, nke ke ka ba ka o lebala.


Hobane o itse: Ke setjhaba sa ka, ke bana ba sa ikgantsheng; mme e bile Molopolli wa bona.


Ka baka la lebitso la hao, o se ke wa nyedisa, o se ke wa senya terone ya kganya ya hao; hopola, o se ke wa roba selekane sa hao le rona.


Leha makgopo a rona a paka ho re qosa, oho Jehova, o ke o sebetse ka baka la lebitso la hao, hobane dikgeloho tsa rona di ngata; re o sitetswe.


Na o rata keng ho ba jwaloka motho ya maketseng, jwaloka senatla se sitwang ho pholosa? Kanthe Jehova, o ntse o le hara rona, lebitso la hao le ntse le bitswa hodima rona; o se ke wa re tlohela.


Na o ka re lebala ka ho sa feleng? Na o ka re hloboha ka ditshiu tse telele na?


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke tle ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ba neng ba le ho tsona, tseo ke neng ke ipoletse ho bona pela tsona, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta.


Ke le ratile, ho bolela Jehova; mme le re: O re ratile kang? — Ha ke re, Esau e ne e le ngwanabo Jakobo? ho bolela Jehova; jwale, ke ratile Jakobo, athe Esau yena ke mo hloile;


E, Ntate, ho jwalo, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.


Hase lona le nkgethileng, ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, mme le behe, mme ho beha ha wona ho tiye, e leng hore tsohle tseo le ka di qelang ho Ntate ka lebitso la ka, a le fe tsona.


Jwale, ke re: Ana Modimo o lahlile setjhaba sa wona na? Tjhe, ho se ke ha thualo! Hobane le nna ke Moiseraele, wa mofuta wa Abrahama, wa leloko la Benjamine.


Hobane dineo tsa Modimo le pitso ya wona ha di na ho kwenehelwa ke wona.


Hobane ke mang ya o kgethang ho e mong? Mme o na le eng eo o sa kang wa e fuwa? Mme ekare ha o e filwe, o ka ithorisa jwang, jwaloka hoja o sa ka wa e fuwa?


re tle re be thoriso ya kganya ya hae, rona ba tshepileng Kreste pele.


e tle e be thoriso ya kganya ya mohau wa wona oo o re hauhetseng ka wona ho Maratuwa wa wona.


Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao, mme Jehova o o kgethile hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng hore o tle o be setjhaba sa hae sa sebele.


Mohlang oo, kgalefo ya ka e tla ba tukela; ke tla ba tlohela, ke ba patele sefahleho sa ka; ba tla jewa ke mahloko a mangata, ba fihlelwe le ke mahlomola a mangata. Mohlang oo, ba tla re: Na hase kahobane Modimo wa rona o le siyo hara rona, re hlahetsweng ke mahloko ao na?


Ipheng matla, mme le tiye dipelo; se tshabeng, mme le se ke la ba tshoha, hobane Jehova, Modimo wa hao, ke yena ya tsamayang le wena; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o lahla.


Jehova, ka sebele sa hae, o tla o etella pele; o tla ba le wena, mme a ke ke a o tlohela, a ke ke a o lahla; se tshabe, mme o se ke wa tepella.


Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao; Jehova, Modimo wa hao, o o kgethile hore o be setjhaba sa hae sa sebele, hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng.


Hase ka baka la ho loka ha hao, leha e le ka baka la bokgabane ba pelo ya hao, o yang ho kena lefatsheng la bona ho le rua; empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova, Modimo wa hao, a tlang ho di falatsa pela hao, a tle a tiise lentswe leo Jehova a le boleletseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, ka kano.


Ke tshepile hobane ya qadileng mosebetsi o molemo ho lona, o tla fela a o phethe, ho isa tsatsing la Jesu Kreste.


Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla.


Hobane Bakanana le bohle ba ahileng lefatsheng ba tla utlwa, ba tla re teela hare, hore ba hlakole lebitso la rona lefatsheng. Mme ha ho ka ba jwalo, o tla etsang ka lebitso la hao le leholo?


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos