Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 14:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Na o lahlile Juda ruri, kapa pelo ya hao e tennwe ke Sione na? O re otlile keng, ho se phodiso ho rona? Re lebeletse kgotso, empa ha re bone molemo; le nako ya phodiso, empa bonang, ho a tshabeha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 “Na o fela o lahlile Juda ho hang? na o fela o se o nyonya Sione? Ke hobaneng ha o re otlile, re se na pheko? Re ne re lebeletse kgotso, empa molemo ha re o fumane; re ne re lebeletse nako ya ho fodiswa, empa re bona ditsietsi feela!

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 14:19
26 Referencias Cruzadas  

Empa ba nna ba soma ka manqosa a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa wona, ba tsheha baporofeta ba wona, ho fihlela kgalefo ya Jehova e ba e phahamela setjhaba sa wona, ho se ho se kamoo ho ka thuswang kateng.


Ke ne ke lebeletse lehlohonolo, mme ke tletswe ke kotsi; ke ne ke lebeletse lesedi, mme lefifi le fihlile.


Modimo ha o bona hoo, wa halefa haholo, wa tenwa hampe ke Iseraele.


Leha ho le jwalo, o lelekile motlotsuwa wa hao, o mo lahlile, o mo halefetse;


Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.


Ke tlohetse ntlo ya ka; ke lahlile lefa la ka; se ratwang ke moya wa ka ke se neetse matsohong a bao e leng dira ho sona.


Ho nna lefa la ka le jwaloka tau e morung, le a mpurumela; ke le hloile ke hona.


Empa Jehova a re ho nna: Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pela ka, pelo ya ka e be e ke ke ya hauhela setjhaba sena. O tlo o se leleke pela ka, se tlohe.


Bohloko ba ka bo setse keng ka ho sa feleng, le leqeba la ka ha le okwe keng na? Le hanelang ho fola? Na ho nna o tla ba sediba se thetsang, le metsi a psheleng na?


Hobane ho itswe ke Jehova: Letetetso la hao ke le bolayang, leqeba la hao le lebe.


Ha ho ya o hlokomelang; ho thojwa, ho okwa, ho tlamellwa ho siyo ho wena.


Hobane Iseraele le Juda ha ba ka ba lahlwa ke Modimo wa bona, e leng Jehova wa makgotla, mme lefatshe la Bakalde le tletse melato pontsheng ya Mohalaledi wa Iseraele.


Ba tla bitswa silefera e kgesitsweng, hobane Jehova o ba kgesitse.


O ikute moriri, o o lahle, o hlabe kodiyamalla marallaneng, hobane Jehova o lahlile moloko oo a o halefetseng, o o kgesitse.


Re ne re ntse re lebeletse kgotso, empa ha re bone molemo; le letsatsi la phodiso, mme bonang, ho a tshabeha.


Na ha ho sehlare Gileade, ha ho ngaka teng na? Ke ka baka lang ha leqeba la moradi wa setjhaba sa ka le sa tlamellwe?


Na ke tla o bolella dife? Kapa nka o tshwantsha le eng, moradi wa Jerusalema? Ke tla o bapisa le eng, ke tle ke o tshedise, morwetsana, moradi wa Sione? Hobane tshenyeho ya hao e kgolo, e kaa ka lewatle; ke mang ya ka o fodisang?


O bitsitse matsoso a ka ka nqa tsohle, jwaloka hoja ke tsatsi la mokete; ha ho a ka ha eba mophonyohi, leha e le lesiela, tsatsing la kgalefo ya Jehova! bao ke neng ke ba babaletse, ke ba hodisitseng, sera se ba fedisitse.


Le kajeno, mahlo a rona a ntse a eba ke ho lebella thuso ya rona! Ke lefeela; tebellong ya rona re lebile ho setjhaba se se nang ho pholosa.


Na o re lahletse ruri na? Na o re hlonametse ka ho fetisa na?


Hobane moahi wa Marothe (ho baba) o kula ke ho llela molemo, hobane kotsi e tswile ho Jehova, e fihlile monyako wa Jerusalema.


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos