Jeremia 14:19 - BIBELE19 “Na o fela o lahlile Juda ho hang? na o fela o se o nyonya Sione? Ke hobaneng ha o re otlile, re se na pheko? Re ne re lebeletse kgotso, empa molemo ha re o fumane; re ne re lebeletse nako ya ho fodiswa, empa re bona ditsietsi feela! Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)19 Na o lahlile Juda ruri, kapa pelo ya hao e tennwe ke Sione na? O re otlile keng, ho se phodiso ho rona? Re lebeletse kgotso, empa ha re bone molemo; le nako ya phodiso, empa bonang, ho a tshabeha. Ver Capítulo |
Ke ntho efe eo nka o pakelang ka yona? Ke ntho efe eo nka o tshwantshang le yona? Ka o tshwantsha le yona, wena Jerusalema? Nka o lekanya le eng, ke tle ke o tshedise? Ke tshedise wena, Moradi wa Sione, Moradi wa Sione wa morwetsana? Botebo ba leqeba la hao bo ka ba lewatle! Ke mang ya ka tsebang ho o phekola?