Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 51:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Eo e leng kabelo ya Jakobo ha a jwaloka tseo, ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke kabelo ya lefa la hae: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Modimo wa Jakobo ha a tshwane le medingwana, hobane yena ke mmopi wa tsohletsohle, o kgethile Iseraele hore e be tjhaba sa hae: Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:19
19 Referencias Cruzadas  

Athe Modimo wa rona o mahodimong; o etsa tsohle tseo o di ratang.


Hobane Jehova o ikgethetse Jakobo, Iseraele a be lefa la hae.


Jehova ke kabelo ya ka, ke mohope oo ke o abetsweng; ke wena ya ntiiselletsang lefa la ka.


Ho lehlohonolo setjhaba seo Jehova e leng Modimo wa sona, le batho bao a ikgethetseng bona ho ba lefa la hae!


Nama ya ka le pelo ya ka di ntse di fela; lefika la pelo ya ka le kabelo ya ka ke Modimo, ka ho sa yeng kae!


Hopola phutheho ya hao eo o e ruileng kgale, eo o e lopolotseng e be moloko wa lefa la hao; hopola le thaba ya Sione, eo o e entseng boaho ba hao.


Molopolli wa rona, lebitso la hae ke Jehova wa makgotla, Mohalaledi wa Iseraele.


Ho ya kang, ha o ka lebala Jehova, Mmopi wa hao, ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe? Ke ka baka lang ha o tshohile kamehla ka ditshiu tsohle ka kgalefo ya mohlorisi ha a itokisa ho lwana? E kae jwale, kgalefo ya mohlorisi?


Ke wona o entseng lefatshe ka matla a wona, o lokisitse lefatshe le ahilweng ka bohlale ba wona, ka hlalefo ya wona o sarolotse mahodimo.


Eo e leng kabelo ya Jakobo, ha a jwaloka tseo, hobane ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke setjhaba sa lefa la hae; Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Ho itswe ke Jehova, ya tla etsa tseo, Jehova ya di lokisang, hore a tle a di sebetse, eo Jehova e leng lebitso la hae:


Le fele le thabe, le fele le nyakalle, lona basenyi ba lefa la ka; le tlole jwaloka sethole hara jwang bo botala; le lle jwaloka poho ya pere.


Empa Molopolli wa bona o matla, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; ruri, o tla ba ahlolela, hore a tle a nee lefatshe phomolo, a ferekanye baahi ba Babilona.


Hobane Iseraele le Juda ha ba ka ba lahlwa ke Modimo wa bona, e leng Jehova wa makgotla, mme lefatshe la Bakalde le tletse melato pontsheng ya Mohalaledi wa Iseraele.


Kabelo ya ka ke Jehova, ho rialo moya wa ka; ka baka leo, ke tla mo tshepa.


hobane kabelo ya Jehova ke setjhaba sa hae; mme Jakobo ke kabelo ya lefa la hae.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos