Esdrase 9:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)9 Efela re bafo; empa le bofong ba rona, Modimo wa rona ha o a ka wa re lahla, wa mpa wa re fumantsha mohau ho marena a Persia, hore o tle o boele o re pholose, mme ntlo ya Modimo wa rona e tle e hahuwe, le dithako tsa yona di tle di tsoswe, e le hore re boele re rue lerako Juda le Jerusalema. Ver CapítuloBIBELE9 Re ne re le makgoba, empa Modimo wa rona ha a a ka a re tlohela bokgobeng boo ba rona; o entse hore dikgosi tsa Peresiya di re hauhele, re tsohe molota, re tle re hahe Tempele ya Modimo wa rona, re e lokise moo e senyehileng teng, ho sireletswe Juda le Jerusalema. Ver Capítulo |
ba hana ho utlwa, mme ha ba ka ba elellwa dimakatso tsa hao tseo o ba etseditseng tsona; ba mpa ba satalatsa melala ya bona, mme boikgantshong ba bona, ba ipeela morena, ba tle ba kgutlele kgolehong ya bona. Empa wena, o Modimo o tletseng tshwarelo le mohau le lereko, o diehang ho halefa, o tletseng kgauhelo; ke kahoo o sa kang wa ba furalla.
Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.