Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esdrase 9:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Oho, Modimo, re tla reng jwalo kamora taba tsena? Hobane re furaletse melao ya hao,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 “Jwale he, Modimo wa rona, re tla reng kamorao ho moo? Re furaletse melao ya hao

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 9:10
10 Referencias Cruzadas  

Juda a re: Re tla reng ho morena ka? re tla bua dife, kapa re tle itlhatswa jwang? Modimo o fihletse bokgopo jwa bahlanka ba hao; bona, re se re le makgoba a morena ka, rona le motho eo senwelo se fumanweng ho yena.


eo o re laetseng yona ka bahlanka ba hao baporofeta, wa re: Lefatshe leo le tlang ho kena ho lona ho le rua, ke lefatshe le silafaditsweng ke ditshila tsa ditjhaba tsa dinaha tseo le ke manyala ao ditjhaba tseo di le tlatsitseng ka wona ditshileng tsa tsona, ho qala pheletsong e nngwe ho isa pheletsong e nngwe.


Efela re bafo; empa le bofong ba rona, Modimo wa rona ha o a ka wa re lahla, wa mpa wa re fumantsha mohau ho marena a Persia, hore o tle o boele o re pholose, mme ntlo ya Modimo wa rona e tle e hahuwe, le dithako tsa yona di tle di tsoswe, e le hore re boele re rue lerako Juda le Jerusalema.


Wa nna wa iphapanya le bona ka lemo tse ngata, wa nna wa paka hara bona ka moya wa hao, wa bua le ka baporofeta ba hao; ba mpa ba se ke ba sekeha tsebe. Ka baka leo, wa nna wa ba neela matsohong a ditjhaba tsa mafatshe.


Marena a rona, le dihlooho tsa rona, le baprista ba rona, le bontata rona, ha ba ka ba etsa ka molao wa hao, ha ba ka ba nahana ditaelo tsa hao le dikeletso tsa hao tseo o nnileng wa paka hara bona ka tsona.


Re sitilwe jwaloka bontata rona, re entse bokgopo le bobe.


Ke mehauhelo ya Jehova e entseng hore re se ke ra timela, hobane mohau wa hae ha o fele;


Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.


Oho, Morena, ana ke tla reng haele moo Baiseraele ba balehile pela dira tsa bona?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos