Jwale Davida a nyoloha moepeng wa thaba ya Mehlwaare, a hlwa a ntse a lla, hlooho ya hae e kgurumeditswe, a tsamaya, a rotse le dieta, le setjhaba sohle se ho yena se ikgurumeditse dihlooho, se ehlwa se ntse se lla.
Jeremia 14:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Benghadi ba roma bafo ba bona metsing, ba ya mameneng ba sa fumane metsi, ba kgutla dipitsa di le feela, ba hlabiswa dihlong, ba swabile, ba ikgurumeditse dihlooho. BIBELE Mahosana a rometse bahlanka ho ya kga metsi, ba fihla didibeng, ba fumana di se na metsi; ba kgutla dinkgo tsa bona di le feela, ba hlabilwe ke dihlong, ba tsielehile, matsoho ba a beile hodima dihlooho. |
Jwale Davida a nyoloha moepeng wa thaba ya Mehlwaare, a hlwa a ntse a lla, hlooho ya hae e kgurumeditswe, a tsamaya, a rotse le dieta, le setjhaba sohle se ho yena se ikgurumeditse dihlooho, se ehlwa se ntse se lla.
Haele morena, o ne a ikgurumeditse sefahleho, a ntse a meketsa ka lentswe le leholo, a re: Mora ka Absalome! Absalome, mora ka! mora ka!
Le se ke la kgolwa ke Esekiase, hobane ho itswe ke morena wa Assiria: Etsang kgotso le nna, le tswele ho nna, le tle le je e mong le e mong morara wa hae, e mong le e mong a je feiye ya hae, e mong le e mong a nwe metsi a sediba sa hae;
Mordekai a ntoo kgutlela pela monyako wa morena, Hamane yena a phakisa a ikela ha hae, a le maswabing, a ikgurumeditse hlooho.
Bahanyetsi ba ka ba tla apeswa ka dihlong, mme kgoboho ya bona e ba kgathumetse jwaloka kobo.
A ba ke ba apeswe hammoho ke dihlong le ke maswabi, bona ba batlang bophelo ba ka, ho nkamoha bona! A ba suthe kasanthao ba tsielehile, bona bohle ba ratang tshenyeho ya ka!
Balemi ba hlabiswa dihlong, ba ikgurumeditse dihlooho, hobane naha e maketse, ke hobane pula e sa ne lefatsheng.
Bohloko ba ka bo setse keng ka ho sa feleng, le leqeba la ka ha le okwe keng na? Le hanelang ho fola? Na ho nna o tla ba sediba se thetsang, le metsi a psheleng na?
Hobane setjhaba sa ka se entse dibe tse pedi: ba ntlhobohile, nna ke leng sediba sa metsi a kollang, mme ba itjheketse mamena, mamena a ngamohileng, a se nang ho boloka metsi.
Le hona o tla tswa teng, o rwetse matsoho a hao hloohong, hobane Jehova o lahlile bao o ba tshepileng, o ke ke wa fumana thuso ho bona.
Empa Jehova o ho nna jwaloka senatla se tshabehang; ka baka leo, ba ntlhorisang ba tla kgoptjwa, ba ke se ke ba hlola letho; ba tla hlabiswa dihlong ka ho fetisa, ke hobane ba fositse, e tle e be dihlong tse sa feleng, tse se nang ho lebalwa.
Kahoo, diphoka di kile tsa nna tsa thibelwa, pula ya hwetla ha e a ka ya eba teng. Empa phatla ya hao ke ya seotswa, ha o tsebe ho ba le dihlong.
Leleme la lesea le kgomarela lehanong la hae ke lenyora; ba banyenyane ba kopa bohobe, mme ha ho ya ba ngwathelang bona.
ke se tsohe ke mo hlobodisa, ka mo tlohela a le feela jwaloka mohla a tswalwang, ka mo etsa ya kang sebataolo, a ba jwaloka lefatshe le omileng, ka ba ka mmolaya ka lenyora.
Esita le diphoofolo tsa naha di lla ho wena, hobane dinoka tsa metsi di pshele, mme mollo o tjhesitse meraka ya lehwatata.
Hape, ke ne ke le time dipula, ho sa setse dikgwedi tse tharo pele ho kotulo, ka e nesetsa motse o mong, motse o mong ke se ke ka o nesetsa; tshimo e nngwe ya nesetswa, tshimo e nngwe e sa kang ya nesetswa ya omella;
ba metse e mmedi, e meraro, ba ya ba ntse ba thekesela motseng o mong ho ya nwa metsi, empa ba se ke ba kgolwa; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna ho bolela Jehova.
Haele ba meloko yohle ya lefatshe ba sa tlong ho nyolohela Jerusalema ho ya kgumamela Morena, Jehova wa makgotla, ba ke ke ba nesetswa pula.