Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mordekai a ntoo kgutlela pela monyako wa morena, Hamane yena a phakisa a ikela ha hae, a le maswabing, a ikgurumeditse hlooho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Moredekai a boela monyakong wa kgosi, empa Hamane yena a potlakela ha hae, a sulafaletswe, a ikgurumeditse hlooho.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 6:12
14 Referencias Cruzadas  

Jwale Davida a nyoloha moepeng wa thaba ya Mehlwaare, a hlwa a ntse a lla, hlooho ya hae e kgurumeditswe, a tsamaya, a rotse le dieta, le setjhaba sohle se ho yena se ikgurumeditse dihlooho, se ehlwa se ntse se lla.


Jwale, Akitofele, ha a bona hore ha ho etswe ka keletso ya hae, a qhaneha esele ya hae, a tloha, a ya hae motseng wa habo; a hleka ntlo ya hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


Morena wa Iseraele a ikela hae, a hloname, a halefile, mme a fihla Samaria.


Yaba Akabe o boela hae, a hloname, a halefile ke taba eo Nabothe wa Jisreele a mo arabileng ka yona, kamoo a itseng kateng: Nke ke ka o nea lefa la bontate. A robala diphateng tsa hae, a reteletsa sefahleho sa hae, a hana ho ja bohobe.


A re ho yena: Ke kahobane ke buile le Nabothe wa Jisreele, ka re ho yena: Nnee tshimo ya hao ya merara, ke e reke ka tjhelete, kapa ha o rata, ke tla o nea tshimo e nngwe ya merara bakeng sa yona; o mpa a itse ho nna: Nke ke ka o nea tshimo ya ka ya merara.


Asaria, moprista e moholo, le baprista bohle ha ba mo tadima, ba bona a ena le lepera phatleng; yaba ba mo ntsha kapele, le yena a phakisa ho tswa, kahobane Jehova a mo otlile.


Mohla ho bokellwang barwetsana la bobedi, Mordekai o ne a dutse pela monyako wa morena.


Yaba Hamane o nka seaparo le pere, a ya apesa Mordekai, mme a mo tsamaisa ka pere mapatlelong a motse, a ntse a howeletsa kapele ho yena, a re: Ho etswa jwalo motho eo morena a ratang ho mo hlonepha!


Morena a kgutla tshimong ya ntlo ya borena, a boela tlung moo ho neng ho nowa veine. Athe Hamane o ne a itihetse malaong ao Esthere a sekameng ho wona. Morena a re: Na ke ho re, o ya tsohela mofumahadi matla hona pela ka, tlung ya ka na? Taba eo yare e sa tswa molomong wa morena, ha kgurumetswa sefahleho sa Hamane.


thabo ya molotsana e fela kapele, le ho nyakalla ha ya kgopo e le ha motsotso o le mong feela?


Lefatshe le neelwa matsohong a ba babe; o sirela mahlo a baahlodi ba lona. Haese wona o etsang hoo, hleka e ka ba mang na?


Samuele a robala, ya ba ya eba hosasa; a ntoo bula mamati a ntlo ya Jehova; Samuele a mpa a tshaba ho tsebisa Eli pono ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos