Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 6:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba Hamane o nka seaparo le pere, a ya apesa Mordekai, mme a mo tsamaisa ka pere mapatlelong a motse, a ntse a howeletsa kapele ho yena, a re: Ho etswa jwalo motho eo morena a ratang ho mo hlonepha!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Jwale Hamane a nka seaparo seo, le pere eo, a apesa Moredekai seaparo, a mo palamisa pere, a mo tsamaisa lebaleng la motse, a howeletsa a le kapele ho yena, a re: “Sena ke sona se tla etswa ho motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla!”

Ver Capítulo Copiar




Esthere 6:11
9 Referencias Cruzadas  

Yaba Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, ba ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona, ha ba bona tse rometsweng ke morena Dariuse, ba phakisa ba etsa ka tsona.


Yaba morena o re ho Hamane: Phakisa o nke seaparo le pere, jwalokaha o sa tswa bolela, mme o etse jwalo ho Mordekai, Mojuda ya dutseng pela monyako wa morena; o se ke wa lesa taba leha e le nngwe ya tsohle tseo o di boletseng.


Mordekai a ntoo kgutlela pela monyako wa morena, Hamane yena a phakisa a ikela ha hae, a le maswabing, a ikgurumeditse hlooho.


Mordekai a tloha pela morena a apere seaparo sa borena sa purepera le sa lene e tshweu, a rwetse moqhaka o moholo wa kgauta, a ena le kobo ya lene le sekarelata. Mme motse wa Susane wa etsa ditlatse, o thabile haholo.


Dihlooho tsohle tsa dinaha, le matona, le babusisi, le bohle ba tshwereng ditaba tsa morena, ba emela Bajuda, hobane letsoso la Mordekai le ne le ba wetse hodimo.


Ya disang sefate sa feiye o tla ja tholwana ya sona, ya bolokang monga hae hantle o tla hlomphuwa.


Bara ba bahlorisi ba hao ba tla tla ho wena, ba ikokobeditse; ba o nyatsitseng kaofela ba tla inama maotong a hao; ba tla o bitsa: motse wa Jehova, Sione wa Mohalaledi wa Iseraele.


o dihile babusi diteroneng tsa bona, mme o phahamisitse ba ikokobeditseng;


Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos