Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 6:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba morena o re ho Hamane: Phakisa o nke seaparo le pere, jwalokaha o sa tswa bolela, mme o etse jwalo ho Mordekai, Mojuda ya dutseng pela monyako wa morena; o se ke wa lesa taba leha e le nngwe ya tsohle tseo o di boletseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Kgosi ya re ho Hamane: “Potlaka he o nke seaparo seo, le pere eo, mme Moredekai wa Mojuda, ya dutseng monyakong wa ntlo ya kgosi, o mo etse jwalokaha o boletse, o phethe tsohle tseo o di boletseng.”

Ver Capítulo Copiar




Esthere 6:10
7 Referencias Cruzadas  

Tsebang jwale hore ha ho taba le e nngwe eo Jehova a e boletseng hodima ntlo ya Akabe, e tla wela fatshe; Jehova o entse seo a se boletseng ka Elia, mohlanka wa hae.


Yaba Hamane o nka seaparo le pere, a ya apesa Mordekai, mme a mo tsamaisa ka pere mapatlelong a motse, a ntse a howeletsa kapele ho yena, a re: Ho etswa jwalo motho eo morena a ratang ho mo hlonepha!


seaparo le pere di bewe matsohong a kgosana e nngwe ya morena ya tse kgolo; ho apeswe motho eo morena a ratang ho mo hlonepha; jwale, a tsamaiswe ka pere mapatlelong a motse, mme ho howeletswe kapele ho yena, ho thwe: Ho etswa jwalo motho eo morena a ratang ho mo hlonepha!


Betang dipelo, le tiye, lona kaofela ba itshepelang Jehova!


Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.


Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa.


Mo hlokofatseng, le be le mo hlomodise, ho tle ho be ho lekane le ho ithorisa le ho nyakalla ha hae, hobane o itse pelong ya hae: Ke dutse ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme nke ke ka tseba bofifi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos