Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 6:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 seaparo le pere di bewe matsohong a kgosana e nngwe ya morena ya tse kgolo; ho apeswe motho eo morena a ratang ho mo hlonepha; jwale, a tsamaiswe ka pere mapatlelong a motse, mme ho howeletswe kapele ho yena, ho thwe: Ho etswa jwalo motho eo morena a ratang ho mo hlonepha!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Seaparo seo, le pere eo di newe e mong wa mahosana a tlotlehang haholo a kgosi, e le hore mahosana ao a tle a apese motho eo seaparo seo, mme a mo tsamaise lebaleng la motse a palame pere. Mahosana ao a howe, a re: ‘Sena ke sona se tla etswa ho motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla!’ ”

Ver Capítulo Copiar




Esthere 6:9
5 Referencias Cruzadas  

A mo dudisa koloing e hlahlamang ya hae, mme ha hoeletswa kapele ho yena, ha thwe: Inamang! mme a mmea hodima lefatshe lohle la Egepeta.


Yaba morena o re ho Hamane: Phakisa o nke seaparo le pere, jwalokaha o sa tswa bolela, mme o etse jwalo ho Mordekai, Mojuda ya dutseng pela monyako wa morena; o se ke wa lesa taba leha e le nngwe ya tsohle tseo o di boletseng.


Yaba Hamane o a kena, mme morena a re ho yena: E ka kgona monna eo morena a ratang ho mo hlonepha a etsetsweng? Pelong ya hae Hamane a re: Morena a ka rata ho hlonepha mang, haese nna?


Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos