Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 15:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Bohloko ba ka bo setse keng ka ho sa feleng, le leqeba la ka ha le okwe keng na? Le hanelang ho fola? Na ho nna o tla ba sediba se thetsang, le metsi a psheleng na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ke hobaneng bohloko ba ka ha bo sa fele? Qeba la ka le phephetha boladu, le hana ho fola? Na o tla itshwantsha le mothetsi ho nna, o be jwaloka sediba, diba se metsi a pshang?”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 15:18
15 Referencias Cruzadas  

Metsi a ye a fele letsheng, mme melatswana e ye e pshe, e omelle;


ke etswa motho ya leshano, ha ke emela toka ya ka; ke hlabilwe ka motsu o bolayang, ke se na molato.


moya wa ka o tshaba haholo; empa wena, Jehova, o isa kae? ...


Na o lahlile Juda ruri, kapa pelo ya hao e tennwe ke Sione na? O re otlile keng, ho se phodiso ho rona? Re lebeletse kgotso, empa ha re bone molemo; le nako ya phodiso, empa bonang, ho a tshabeha.


Benghadi ba roma bafo ba bona metsing, ba ya mameneng ba sa fumane metsi, ba kgutla dipitsa di le feela, ba hlabiswa dihlong, ba swabile, ba ikgurumeditse dihlooho.


Ke ne ke tswelang popelong, hore ke tle ke bone ho kgathala le ho swaba? Hobane ditshiu tsa ka di ye di fete ka dihlong.


Oho Jehova, o kile wa nthetsa, ka thetswa; o kile wa ntiisetsa matla, ka hlolwa. Ke hlile ke entswe ditsheho ka tsatsi lohle, ba ntshoma kaofela.


Hobane ho itswe ke Jehova: Letetetso la hao ke le bolayang, leqeba la hao le lebe.


O mekeletsang ka baka la letetetso la hao? Leqeba la hao ha le na ho fola. Ke o entse tseo ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di anafetse.


Ka baka leo, wena Sione, o tla hlalana le Moreshethe-Gathe (molebeletswa wa Gathe); matlo a Aksibe (thetso) e tla ba noka e psheleng ho marena a Iseraele.


Hobane maqeba a wona Samaria a mabe, kotsi ya wona e bile e hlahetse Juda; e fihlile monyako wa setjhaba sa ka, ke ho re, Jerusalema.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos