Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 2:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Le hona o tla tswa teng, o rwetse matsoho a hao hloohong, hobane Jehova o lahlile bao o ba tshepileng, o ke ke wa fumana thuso ho bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

37 Le moo Egepeta, o tla kgutla, o kgutle teng matsoho o a beile hloohong, hoba Morena o furaletse bao o ba tshepang, mme ba ke ke ba o fumantsha katleho.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 2:37
16 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho Uria: Dula kwano le kajeno; hosasane, ke tla o fa tsela. Kahoo, Uria a dula Jerusalema letsatsi lena, le la hosasane.


Tamare a ithuntshetsa melora hloohong, a hahola le kobo e mebalabala eo a e apereng, a bea letsoho la hae hloohong ya hae, a ikela a ntse a bokolla.


Bonang hle, Modimo o na le rona, o re eteletse pele le baprista ba tshwereng diterompeta tse tlerolang tsa ho le letsetsa. Oho, bana ba Iseraele, le se ka la lwantsha Jehova, Modimo wa bontata lona, hobane le ke ke la atleha.


Ha ho a sala letho haese ho kokobetswa hara ba tlamilweng; ba tla wa hara ba bolailweng. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Selekane sa lona le lefu se tla etswa lefeela, kopano ya lona le nqalo ya bafu e ke ke ya tiya; kotlo e tlang jwaloka morwallo ha e fihla, ka yona le tla ba jwaloka hoja le hataketswe ka maoto.


Benghadi ba roma bafo ba bona metsing, ba ya mameneng ba sa fumane metsi, ba kgutla dipitsa di le feela, ba hlabiswa dihlong, ba swabile, ba ikgurumeditse dihlooho.


Balemi ba hlabiswa dihlong, ba ikgurumeditse dihlooho, hobane naha e maketse, ke hobane pula e sa ne lefatsheng.


Jehova o re: Ho rohakilwe motho ya itshepelang motho, ya etsang nama matla a hae, eo pelo ya hae e furaletseng Jehova.


O phaila keng hakakale ho kgeloha tsela ya hao? O tla hlabiswa dihlong ka Egepeta, jwalokaha o kile wa hlabiswa dihlong ka Assiria.


Hlwella Lebanone, o howeletse; phahamisetsa lentswe Bashane, o howeletse o le Abarime, hobane dinyatsi tsa hao kaofela di robaketswe.


Ho itswe ke Jehova: Bakeng sa motho eo, ngolang hobane ke ya hlokang bana, motho ya sa tlo atleha ditshiung tsa hae; hobane ha ho tla ke ha tseba motho wa lesika la hae ho dula teroneng ya Davida, le ho busa Juda.


Mme o tla nkela Tsedekia Babilona; o tla nne a dule teng, ke tle ke be ke mo etele, ho bolela Jehova. Ha le lwana le Bakalde, le ke ke la thusa letho.


Le kajeno, mahlo a rona a ntse a eba ke ho lebella thuso ya rona! Ke lefeela; tebellong ya rona re lebile ho setjhaba se se nang ho pholosa.


Yaba Moshe o re: Na ke ka baka lang ha le tlola taelo ya Jehova jwalo? Hona hoo ho ke ke ha le fetohela molemo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos